Puo ea Phatlalatsa e Khethehileng
Ke Mang ea Tšoanelehang ho Busa Batho?
Na ho na le ’musi
• ea ka rarollang mathata a moruo, a tiisa hore batho bohle ba tla fumana lijo tse ngata le matlo a nang le lintho tsohle tse hlokahalang?
• ea ka thibelang likoluoa tsa tlhaho e le hore batho ba se ke ba utloisoa bohloko ke tšenyo e bakoang ke litsunami, maholiotsoana le litšisinyeho tsa lefatše?
• ea ka felisang maloetse ’ohle a ba a etsa hore ba hōlileng ba boele ba be mafolofolo joaloka bocheng?
• ea ka felisang lintoa tsohle ’me batho ba hae ba phele ka khotso ba sireletsehile?
• ea ka etsang hore tikoloho e be ntle hoo lefatše le tlang ho fetoha paradeise?
Ho na le ’Musi a le mong feela ea ka tlisang mahlohonolo ana. ’Musi eo ke mang? Potso ena e tla arabeloa puong ea phatlalatsa e reng “Ke Mang ea Tšoanelehang ho Busa Batho?” Puo ena e thehiloeng Bibeleng e tla fanoa lefatšeng lohle linaheng tse fetang 230. Libakeng tse ngata e tla fanoa Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ka Sontaha sa la 6 April, 2008. Lipaki tsa haeno li tla thabela ho u tsebisa nako le aterese. U mengoa ka mofuthu ho ba teng.