Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 8/1 maq. 5-6
  • Hona Joale re Phela Linakong Tse Mahlonoko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hona Joale re Phela Linakong Tse Mahlonoko
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng e Bontšang Hore re Phela “Mehleng ea Bofelo”?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Na Kannete re Phela “Matsatsing a ho Qetela?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 8/1 maq. 5-6

Hona Joale re Phela Linakong Tse Mahlonoko

BIBELE e boletse esale pele hore moloko oa batho o tla feta ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ E re nako ena ke ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3-7) Jesu Kreste o ile a bua ka nako ena ha a araba potso ea barutuoa ba hae mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3) Na hona joale re phela matsatsing a ho qetela? Bapisa litlaleho tsa morao-rao tse qotsitsoeng tlaase mona le seo Bibele e se boletseng esale pele, ebe u iketsetsa qeto.

Se profetiloeng ke Bibele: lintoa tse aparelang lefatše​—Luka 21:10; Tšenolo 6:4.

Seo litlaleho tsa morao-rao li se bolelang: “Palo ea batho ba bolailoeng ke lintoa lilemong tse lekholo tse fetileng e kopola ka makhetlo a mararo ea ba shoeleng lilemong tse 1 900 pele ho moo, ho ea fihla tsoalong ea Kreste.”​—Worldwatch Institute.

Se profetiloeng ke Bibele: likhaello tsa lijo le mafu​—Luka 21:11; Tšenolo 6:5-8.

Seo litlaleho tsa morao-rao li se bolelang: Ka 2004 batho ba ka bang limilione tse 863 lefatšeng ba ne ba haelloa ke phepo e nepahetseng, e leng palo e fetang ea 2003 ka limilione tse supileng.​—Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng.

Batho ba ka bang limilione tse sekete ba lula mek’huk’hung; ba limilione tse likete tse 2,6 ha ba na matloana a loketseng le libaka tse loketseng tsa ho lahlela lithōle; ba limilione tse likete tse 1,1 ha ba na metsi a hloekileng.​—Worldwatch Institute.

Lefu la malaria le tšoara batho ba limilione tse 500; batho ba limilione tse 40 ba tšoeroe ke HIV-AIDS; lefuba le bolaile batho ba limilione tse 1,6 ka 2005.​—Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo.

Se profetiloeng ke Bibele: ho senya lefatše​—Tšenolo 11:18.

Seo litlaleho tsa morao-rao li se bolelang: “Mesebetsi ea batho e behile bophelo ba mefuta e sa tšoaneng ea liphoofolo le limela kotsing.” “Ho bonahala hore boholo ba lintho tsa tlhaho tse nolofaletsang batho ho phela lia qepha lefatšeng lohle.”​—Millennium Ecosystem Assessment.

“Likhase tse entsoeng ke batho tse bakang mocheso o feteletseng lefatšeng li entse hore boemo ba leholimo bo be kotsi, ’me sena se ka ’na sa senya lefatše.”​—NASA, Goddard Institute for Space Studies.

Se profetiloeng ke Bibele: litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa lefatšeng lohle​—Matheu 24:14; Tšenolo 14:6, 7.

Seo litlaleho tsa morao-rao li se bolelang: Ka 2007, Lipaki Tsa Jehova tse 6 957 852 li ile tsa qeta lihora tse fetang limilione tse likete tse 1,4 li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse 236.​—Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008.

Joalokaha ho se ho boletsoe, Bibele e profetile hore ho sa tsotellehe litaba tse bohloko, ho ne ho tla ba le lebaka la ho ba le tšepo. Jesu o buile ka ‘litaba tse molemo’ tsa ’Muso oa Molimo. ’Muso oa Molimo ke eng? Ke hobane’ng ha o fa moloko oa batho tšepo ea bokamoso bo molemo? Hona ’Muso oa Molimo o tla u etsetsa’ng?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Bibele e profetile maemo a lefatše ao re a bonang kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela