Batho ba Hōlileng—Ke Khothatso ho ba Bacha
“Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”—PESALEME EA 71:18.
1, 2. Bahlanka ba hōlileng ba Molimo ba lokela ho ananela eng, ’me joale re tla tšohla eng?
MOHOLO e mong oa Mokreste oa Afrika Bophirimela o ile a etela mor’abo rōna ea seng a hōlile oa motlotsuoa eaba oa mo botsa, “U tsohile joang kajeno?” Mor’abo rōna o ile a araba a ntse a leka ho etsa lintho tseo a li bolelang, a re: “Nka matha, nka tlōla, nka tšethema, ebile nka qhoma ka leoto le le leng.” Eaba o phaella ka ho re: “Empa nke ke ka fofa.” Moholo eo o ile a utloisisa hore ka mantsoe a mang o re: ‘Seo nka se khonang, ke thabela ho se etsa, empa seo nke keng ka se etsa, ha ke se etse.’ Moholo eo ea neng a etile, hona joale o lilemong tsa bo-80, ’me oa thaba ha a hopola metlae le botšepehi ba mora eo oabo rōna.
2 Ha motho ea hōlileng a etsa lintho ka tsela e bontšang hore o rutoa ke Molimo, sena se ka ama ba bang ka nako e telele. Ha e le hantle, ho hōla ka bohona ha ho etse hore motho a be bohlale a be a be le makhabane a kang a Kreste. (Moeklesia 4:13) Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liproverbia 16:31) Haeba u se u hōlile lilemong, na u utloisisa kamoo mantsoe a hao le liketso tsa hao li ka amang batho ba bang hamolemo kateng? Nahana ka mehlala e meng ea Bibele e bontšang kamoo batho ba hōlileng ba ileng ba khothatsa ba bacha kateng.
Tumelo e Nang le Liphello Tse Susumetsang Haholo
3. Botšepehi ba Noe bo amme batho bohle ba phelang hona joale joang?
3 Tumelo ea Noe le ho tiea ha hae li bile le melemo e tsoelang pele ho tla fihlela kajeno. Noe o ne a se a atametse lilemo tse 600 ha a haha areka, a phutha liphoofolo le ho bolella baahelani ba hae molaetsa o tsoang ho Molimo. (Genese 7:6; 2 Petrose 2:5) Kaha liketso tsa Noe li ne li susumetsoa ke tšabo ea bomolimo, eena le lelapa la hae ba ile ba pholoha Moroallo o moholo ’me ea e-ba baholo-holo ba batho bohle ba phelang lefatšeng hona joale. Ke ’nete hore Noe o ile a phela nakong eo ka eona batho ka kakaretso ba neng ba phela nako e telele. Leha ho le joalo, le hoja a ne a hōlile haholo, Noe o ile a lula a tšepahala, ’me sena se ile sa e-ba le melemo e meholo. Ka tsela efe?
4. Ho tiea ha Noe ho tsoetse bahlanka ba Molimo molemo joang kajeno?
4 Noe o ne a ka ba lilemo li 800 ha Nimrode a qala ho haha Tora ea Babele hore a nyelise taelo ea Jehova ea ho ‘tlatsa lefatše’ ka batho. (Genese 9:1; 11:1-9) Empa Noe ha aa ka a kopanela borabeleng ba Nimrode. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe puo ea hae ha ea ka ea fetoloa ha ho ne ho ferekanngoa puo ea marabele. Tumelo ea Noe le ho tiea ha hae ha lia bonahala botsofaling ba hae feela, empa li bonahetse ka nako eohle bophelong ba hae bo bolelele, ’me ka sebele li lokela ho etsisoa ke bahlanka ba Molimo ba lilemo tsohle.—Baheberu 11:7.
Ba Susumetsa Malapa
5, 6. (a) Jehova o ile a re Abrahama a etse eng ha a e-na le lilemo tse 75? (b) Abrahama o ile a etsa joang ha Molimo a mo laela?
5 Tsela eo batho ba hōlileng ba ka susumetsang tumelo ea malapa a bona ka eona e ka bonoa bophelong ba bapatriareka ba phetseng ka mor’a Noe. Abrahama o ne a ka ba lilemo li 75 ha Molimo a re ho eena: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona; ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa.”—Genese 12:1, 2.
6 Ak’u nahane feela u se u bolelloa hore u tlohe ha hao, metsoalleng ea hao, naheng ea heno le tšireletsong ea beng ka uena ’me u ee naheng eo u sa e tsebeng. Abrahama o ile a bolelloa hore a etse sona seo. O ile “a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena,” ’me a phela bophelo bohle ba hae naheng ea Kanana a lula litenteng e le mojaki le moahi oa hloma u hlomole. (Genese 12:4; Baheberu 11:8, 9) Le hoja Jehova a ne a itse Abrahama e tla ba “sechaba se seholo,” bana ba hae ba ile ba ngatafala ka mor’a nako e telele a shoele. Mosali oa hae Sara, o ile a mo tsoalla mora a le mong feela, e leng Isaka, ka mor’a hore Abrahama a jake Naheng e Tšepisitsoeng ka lilemo tse 25. (Genese 21:2, 5) Ho sa tsotellehe seo, Abrahama ha aa ka a felloa ke matla eaba o khutlela motseng oo a neng a tsoa ho oona oa Ure. O re behetse mohlala o motle hakaakang oa tumelo le mamello!
7. Mamello ea Abrahama e ile ea ama mora oa hae Isaka joang, ’me see se ile sa fella ka eng ho moloko oa batho?
7 Mamello ea Abrahama e ile ea ama mora oa hae Isaka ka matla, ’me Isaka o ile a lula bophelo bohle ba hae e le mojaki naheng ea Kanana ka lilemo tse 180. Mamello ea Isaka e ne e thehiloe tumelong ea seo Molimo a se tšepisitseng, ’me o ne a nkile tumelo ena ho batsoali ba hae ba hōlileng eaba hamorao e matlafatsoa ke mantsoe ao Jehova a ileng a mo bolella ’ona. (Genese 26:2-5) Ho tiea ha Isaka ho ile ha phetha karolo ea bohlokoa ho phethahaleng ha tšepiso ea Jehova ea hore “peō” eo moloko oohle oa batho o neng o tla hlohonolofatsoa ka eona e ne e tla tsoa lelapeng la Abrahama. Makholo a lilemo hamorao, “peō” e ka sehloohong, e leng Jesu Kreste, o ile a bula monyetla oa hore bohle ba lumelang ho eena ba boelane le Molimo le hore ba be le bophelo bo sa feleng.—Bagalata 3:16; Johanne 3:16.
8. Jakobo o ile a bontša tumelo e matla joang, ’me phello e ile ea e-ba efe?
8 Isaka le eena o ile a thusa mora oa hae Jakobo hore a be le tumelo e matla e ileng ea mo jara ho fihlela botsofaling. Jakobo o ne a e-na le lilemo tse 97 ha a loana bosiu bohle le lengeloi hore le mo hlohonolofatse. (Genese 32:24-28) Pele Jakobo a e-shoa a e-na le lilemo tse 147, o ile a ba le matla a lekaneng hore a hlohonolofatse e mong le e mong oa bara ba hae ba 12. (Genese 47:28) Mantsoe a boprofeta ao a ileng a a bua, ao hona joale a tlalehiloeng ho Genese 49:1-28, a ile a phethahala ’me a sa ntse a phethahala le hona joale.
9. Ho ka thoe’ng ka tšusumetso eo batho ba hōlileng moeeng ba ka bang le eona malapeng a bona?
9 Ho hlakile hore bahlanka ba hōlileng ba Molimo ba tšepahalang ba ka ba le tšusumetso e molemo malapeng a bona. E le hore mocha a hōle a tiile tumelong, a ka thusoa ke thuto ea Mangolo hammoho le keletso e bohlale le mohlala oa mamello. (Liproverbia 22:6) Batho ba hōlileng ha baa lokela ho halala matla a maholo ao tšusumetso e molemo e ka bang le eona malapeng a bona.
Ba Susumetsa Balumeli-’moho le Bona
10. Josefa o ile a “fana ka taelo” efe “malebana le masapo a hae,” ’me phello ea eona e ile ea e-ba efe?
10 Batho ba hōlileng ba ka boetse ba ba le tšusumetso e molemo ho balumeli-’moho le bona. Botsofaling ba hae, Josefa, e leng mora oa Jakobo, o ile a etsa ketso e bonolo ea tumelo ’me e ile ea ama ka matla barapeli ba ’nete ba limilione ba phetseng ka mor’a hae. O ne a e-na le lilemo tse 110 ha “a fana ka taelo malebana le masapo a hae,” hore mohla Baiseraele ba tlohang Egepeta, ba lokela ho nka masapo a hae, ba tsamaee le ’ona. (Baheberu 11:22; Genese 50:25) Lilemong tse telele tsa bokhoba bo sehlōhō bo ileng ba latela ka mor’a lefu la Josefa, taelo ena e ile ea fana ka tšepo e tiileng ea hore Baiseraele ba ne ba tla lokolloa.
11. Ho ka etsahala hore ebe Moshe ea hōlileng o ile a ba le tšusumetso efe ho Joshua?
11 Moshe ke e mong oa ba ileng ba matlafatsoa ke polelo eo ea Josefa ea tumelo. Ha Moshe a e-na le lilemo tse 80, o ile a fuoa tokelo ea ho nka masapo a Josefa ha a tloha naheng ea Egepeta. (Exoda 13:19) Neng-neng hona nakong eo, o ile a tseba Joshua, ea neng a le monyenyane haholo ho eena. Lilemong tse latelang tse 40, Joshua o ile a sebetsa e le mohlanka oa Moshe. (Numere 11:28) O ile a tsamaea le Moshe ha a nyolohela Thabeng ea Sinai, ’me o ne a le teng hore a mo khahlametse ha a theoha thabeng a nkile matlapa a Bopaki. (Exoda 24:12-18; 32:15-17) E tlameha ebe Moshe ea hōlileng e ne e le mohloli o motle hakaakang oa keletso e butsoitseng le bohlale ho Joshua!
12. Joshua o ile a bontša joang hore hafeela a sa ntse a phela, o ne a e-na le tšusumetso e molemo ho sechaba sa Iseraele?
12 Joshua le eena o ile a khothatsa sechaba sa Iseraele ha a sa ntse a phela. Baahloli 2:7 e re: “Sechaba sa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua le ba neng ba bone mosebetsi oohle o moholo oa Jehova oo a neng a o etselitse Baiseraele.” Leha ho le joalo, ha Joshua le banna ba bang ba hōlileng ba e-shoa, ho ile ha qala lilemo tse 300 tseo Baiseraele ba ileng ba theputsa pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata, e leng ho ileng ha ba tlisa mehleng ea moprofeta Samuele.
Samuele ‘o Ile a Tlisa ho Loka’
13. Samuele o ile a etsa joang hore a ‘tlise ho loka’?
13 Bibele ha e bolele hore na Samuele o ne a le lilemo li kae ha a e-shoa, empa liketsahalo tsa buka ea Samuele oa Pele li nkile lilemo tse ka bang 102, ’me Samuele o bone boholo ba tsona. Ho Baheberu 11:32, 33, re bala hore baahloli le baprofeta ba lokileng ba ile “ba tlisa ho loka.” Ha ho pelaelo hore Samuele o ile a susumetsa batho ba bang ba mehleng ea hae hore ba qobe kapa ba tlohele ho etsa lintho tse fosahetseng. (1 Samuele 7:2-4) Ka ho etsa joang? O ile a tšepahala ho Jehova bophelong bohle ba hae. (1 Samuele 12:2-5) O ne a sa tšabe le ho eletsa morena ka thata. (1 Samuele 15:16-29) Ho phaella moo, ha Samuele a se a “tsofetse ebile [a le] hlooho e putsoa,” o ile a bontša hore ke mohlala o motle tabeng ea ho rapella ba bang. O ile a bolela hore “ke ho sa utloahaleng hore a siteloe Jehova ka ho khaotsa ho rapella” Baiseraele ba habo.—1 Samuele 12:2, 23.
14, 15. Ebe kajeno batho ba hōlileng ba ka etsisa Samuele joang ha ba rapela?
14 Sena sohle se bontša kamoo batho ba hōlileng ba ka bang le tšusumetso e molemo kateng ho bahlanka-’moho le bona ba Jehova. Ho sa natsoe litšitiso tse hlahisoang ke maemo a bophelo kapa a mang, batho ba hōlileng ba ka rapella ba bang. Bo-nkhono le bo-ntate-moholo, na lea lemoha hore na lithapelo tsa lōna li ka tsoela phutheho molemo hakae? Ka lebaka la tumelo ea lōna maling a tšolotsoeng a Kreste, lea amoheleha ka pel’a Jehova, ’me ka lebaka la tlaleho ea lōna ea mamello, tumelo ea lōna e na le “tšobotsi . . . e lekiloeng.” (Jakobo 1:3; 1 Petrose 1:7) Le se ke la lebala: “Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”—Jakobo 5:16.
15 Lithapelo tseo le li etsang molemong oa mosebetsi oa ’Muso oa Jehova, ke tsa bohlokoa. Bara ba bang babo rōna ba lichankaneng kahobane e le Bakreste ba sa jeleng paate. Ba bang ke mahlatsipa a likoluoa tsa tlhaho, lintoa le liqabang tsa bana ba thari. Liphuthehong tsa habo rōna, ba bang bona ba talimane le liteko kapa likhanyetso. (Matheu 10:35, 36) Ba etellang pele mosebetsi oa boboleli le oa ho lebela liphutheho, le bona ba hloka lithapelo tsa lōna tsa kamehla. (Baefese 6:18, 19; Bakolose 4:2, 3) Ho molemo hakaakang hore ha le rapela le etsise Baefese, le rapelle balumeli-’moho le lōna!—Bakolose 4:12.
Ho Ruta Moloko o Tlang
16, 17. Ke eng e ileng ea boleloa esale pele Pesalemeng ea 71:18, ’me e phethahetse joang?
16 “Linku tse ling,” tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, li fumane koetliso ea bohlokoa ka hore li kopanele le ba tšepahalang ba “mohlatsoana,” ba nang le tšepo ea ho phela leholimong. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Sena se ile sa boleloa esale pele Pesalemeng ea 71:18, e reng: “Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.” Ba tlotsitsoeng ka moea ba ’nile ba chesehela ho koetlisa metsoalle ea bona ea linku tse ling hore e be le boikarabelo bo eketsehileng pele ba e siea ba e-ea leholimong hore ba e’o tlotlisoa le Jesu Kreste.
17 Ka lebaka lena, se boleloang ke Pesaleme ea 71:18 ka “ba tlang ho tla,” se ka boetse sa sebelisoa ho linku tse ling, tse rupetsoeng ke batlotsuoa ba Molimo. Jehova o file batho ba hōlileng boikarabelo ba ho mo pakela ho ba ntseng ba amohela borapeli bo hloekileng hona joale. (Joele 1:2, 3) Linku tse ling li ikutloa li hlohonolofalitsoe ka seo li ithutileng sona ho batlotsuoa ’me li tlameha ho fetisetsa thuto ea tsona ea Mangolo ho ba bang hape ba ratang ho sebeletsa Jehova.—Tšenolo 7:9, 10.
18, 19. (a) Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa boo bahlanka ba bangata ba hōlileng ba Jehova ba ka bo fetisetsang ho ba bang? (b) Bakreste ba hōlileng ba lokela ho kholiseha ka eng?
18 Bahlanka ba hōlileng ba Jehova, ba batlotsuoa le ba linku tse ling, ke bona ba tsebisang meloko e latelang liketsahalo tsa bohlokoa tsa histori. Ba seng ba kae ba ntseng ba phela ba ne ba le teng ha ho ne ho bontšoa baesekopo ea “Photo-Drama of Creation” ka lekhetlo la pele. Ba bang ba bona ba tseba barab’abo rōna ba neng ba etella pele ba ileng ba kenngoa chankaneng ka 1918. Ba bang ba ne ba phatlalatsa seea-le-moeeng sa mokhatlo oa Watchtower sa WBBR. Ba bangata ba ka pheta litaba tsa nako eo ka eona ho neng ho hlanakoa linyeoe tsa tokoloho ea borapeli ea Lipaki Tsa Jehova makhotleng a phahameng ka ho fetisisa. Ba bang hape ba ile ba emela borapeli ba ’nete ka tieo ha ba ntse ba le tlas’a mebuso ea bohatelli. Ka sebele batho ba hōlileng ba ka pheta kamoo kutloisiso ea ’nete e ’nileng ea senoloa hanyane ka hanyane kateng. Bibele e re khothalletsa hore re rue molemo tsebong ena ea bona e ngata.—Deuteronoma 32:7.
19 Bakreste ba hōlileng ba khothalletsoa ho ba mehlala e metle ho ba bacha. (Tite 2:2-4) Mohlomong hona joale ha le bone litholoana tsa mamello ea lōna, tsa lithapelo tsa lōna le tsa likeletso tsa lōna ho ba bang. Mohlomong ho ne ho se bonolo hore Noe, Abrahama, Josefa, Moshe le ba bang, ba tsebe matla a feletseng ao botšepehi ba bona bo neng bo tla ba le ’ona melokong e tlang. Leha ho le joalo, tlaleho ea bona ea tumelo le botšepehi e bile ea bohlokoa haholo; ’me ea lōna le eona ke ea bohlokoa ka tsela e tšoanang ho morolo o mocha oa kajeno.
20. Ba bolokang tšepo ea bona e tiile ho fihlela qetellong ba tla hlohonolofatsoa ka eng?
20 Ebang u pholosoa ‘matšoenyehong a maholo’ kapa u khutlisoa ka tsoho, u tla thaba hakaakang ha u phela “bophelo ba sebele”! (Matheu 24:21; 1 Timothea 6:19) Nahana ka nako eo ka eona Jehova a tla etsolla liphello tsa botsofali Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Ho e-na le hore ’mele ea rōna e ’ne e fokole, letsatsi le leng le le leng ha re tsoha e tla ntlafala butle-butle, ke hore, re tla ba le matla a eketsehileng, re tla bona hantle, re tla utloa hantle ebile re tla ba batle! (Jobo 33:25; Esaia 35:5, 6) Batho ba tlang ho hlohonolofatsoa ka ho phela lefatšeng le lecha la Molimo ba tla lula ba le bacha ha ho bapisoa le nako e sa feleng eo ba tla phela ka eona. (Esaia 65:22) Ka lebaka leo, e se eka bohle re ka boloka tšepo ea rōna e tiile ho isa bofelong, ’me re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Re ka kholiseha hore Jehova o tla phethahatsa sohle seo a se tšepisitseng le hore seo a tla se etsa se tla feta hōle eng kapa eng eo re e lebeletseng.—Pesaleme ea 37:4; 145:16.
U Tla Araba Joang?
• Ho tiea ha Noe ea hōlileng ho ile ha tlisetsa moloko oa batho litlhohonolofatso life?
• Tumelo ea bapatriareka e ile ea ama bana ba bona joang?
• Josefa, Moshe, Joshua le Samuele ba ile ba matlafatsa barapeli-’moho le bona joang ha ba se ba hōlile?
• Batho ba hōlileng ba ka re siela lefa la eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Mamello ea Abrahama e ile ea ama Isaka ka matla
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Keletso e butsoitseng ea Moshe e ile ea khothatsa Joshua
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lithapelo tseo le li etsetsang ba bang li ka etsa molemo o moholo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ba bacha ba rua molemo ha ba mamela batho ba hōlileng ba tšepahalang