Na u Tseba Ntate oa Hao ea Leholimong?
U TSEBA ntate oa hao hantle hakae? Potso ena e ka ’na ea u makatsa haeba u hōletse lelapeng le nang le lerato. U ka ’na ua re, ‘Ke mo tseba hantle!’ Ke ’nete hore batho ba bangata ba tseba hore na ntate oa bona o rata eng ha a rate eng, hore na o itšoara joang maemong a itseng, le hore na o hlokomela lelapa joang.
Leha ho le joalo, mohlomong ho na le linako tseo ntate oa hao a ileng a etsa ntho eo u sa e lebellang ho hang. Ka mohlala, mora a ka ’na a tseba ntate oa hae e le motho ea thōtseng le ea bonolo—ho fihlela ha ho hlaha boemo ba tšohanyetso. Hang-hang o bona ntate oa hae e le motho ea ikemiselitseng ho sireletsa lelapa la hae.
’Mōpi oa rōna eena u mo tseba hantle hakae? Re bolelloa sena ka eena: “Ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:28) Molimo ke eena ea re fileng bophelo; ke kahoo e leng Ntate oa bohle ba phelang. (Esaia 64:8) Mohlomong ke kamoo u ikutloang kateng ka Molimo, ’me seo se lokile hobane ke kamoo re lokelang ho ikutloa kateng ka eena. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tseo ho hlokahalang hore re li tsebe re be re ithute tsona ka eena—’me ho molemong oa rōna ho etsa joalo ebile ho tla re thabisa.
Tsela eo u ikutloang ka eona ka ntate ea u tsoetseng le tsela eo u mo hlomphang ka eona e itšetlehile ka hore na u mo tseba hantle hakae. Ka ho tšoanang, haeba u tseba Molimo hantle, u tla ikutloa u le haufi le eena. Molimo a ka u thusa hore u mamelle mathata a bophelo haeba u nka mehato ea ho mo tseba hantle ’me u ithuta ho etsa thato ea hae.
Molimo o joang? Litšobotsi tsa hae li lokela ho ama tsela eo re ikutloang ka eena joang? Na ho mo tseba ho u jarisa boikarabelo bo itseng? U tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Tsela eo u ikutloang ka eona ka ba bang e itšetlehile ka hore na u ba tseba hantle hakae