Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 2/1 leq. 7
  • Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ka Mehla Molimo o Phahametse Jesu?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Jesu Kreste—Mora oa Molimo ea Ratoang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ‘Mora o Rata ho Senola Ntate’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 2/1 leq. 7

Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

▪ “Ehlile, Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle.”

▪ “Molimo o itlhahisitse ho rōna ka nama e le Jesu.”

Jesu o itse’ng?

▪ “Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ea ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Jesu o ile a bolela hore eena le Ntate oa hae ha ba lekane.

▪ “Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna le ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:17) Jesu ha aa ka a ipitsa Molimo empa o ile a bua ka Molimo e le Motho e mong.

▪ “Ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Johanne 12:49) Jesu o ne a sa rute maikutlo a hae; o ne a ruta se tsoang ho Ntate.

JESU o ile a bolela hore ke Mora oa Molimo, eseng Molimo ea Matla ’Ohle. Haeba Jesu e ne e le Molimo, e ne e tla ba o ne a rapela mang ha a le moo lefatšeng? (Matheu 14:23; 26:26-29) Ka sebele e ne e tla ba ntho e se nang kelello ho nahana hore Jesu o ne a etsa eka o bua le motho ea itseng!

Ha barutuoa ba Jesu ba babeli ba ne ba mo kōpa hore a ba fe maemo a itseng a khethehileng ’Musong oa hae, o ile a ba araba tjena: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” (Matheu 20:23) Na Jesu o ne a ba bolella leshano ha a re o ne a se na matla a ho ba fa seo ba se kōpang? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, o ne a mpa a bolela ka boikokobetso hore ke Molimo feela ea nang le matla a ho etsa liqeto tsa mofuta oo. Jesu o ile a ba a hlalosa hore ho na le lintho tse itseng tseo eena le mangeloi ba sa li tsebeng empa li tsejoa ke Ntate oa hae feela.—Mareka 13:32.

Na Jesu o ne a le tlaasana ho Molimo feela ha a ne a le moo lefatšeng e le motho? Che. Esita le ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe bafung, Bibele e ile ea ’na ea bolela hore o ka tlaase ho Molimo. Moapostola Pauluse o re hopotsa ho re “Molimo o phahametse Kreste.” (1 Bakorinthe 11:3, Today’s English Version) Bibele e re nakong e tlang “ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a puso ea Kreste, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Molimo, ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo a ka busa lintho tsohle ka ho feletseng.”—1 Bakorinthe 15:28, TEV.

Ka hlakileng Jesu hase Molimo ea Matla ’Ohle. Ke ka lebaka leo a ileng a bua ka Ntate oa hae e le “Molimo oa ka.”—Tšenolo 3:2, 12; 2 Bakorinthe 1:3, 4.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 201-204.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Jesu o ile a ba a hlalosa hore ho na le lintho tse itseng tseo eena le mangeloi ba sa li tsebeng empa li tsejoa ke Ntate oa hae feela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela