Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 7/15 leq. 32
  • Peō ea ’Nete e Fihla Libakeng Tsa Mahaeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Peō ea ’Nete e Fihla Libakeng Tsa Mahaeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 7/15 leq. 32

Peō ea ’Nete e Fihla Libakeng Tsa Mahaeng

TUVA Republic e Russia, e fumanoa karolong e ho ella ka boroa haholo ea Siberia, ka boroa le bochabela ho eona ke Mongolia. Batho ba bangata ba Tuva ba lula libakeng tsa mahaeng tseo ho leng thata ho isa molaetsa oa ’Muso ho tsona. Leha ho le joalo, nakong e fetileng, sehlopha se seng sa batho se neng se tsoa likarolong tse ’maloa tse mathōkong a Tuva, se ile sa ea thupelong Kyzyl, e leng motse-moholo oa eona. Maria, eo e leng pula-maliboho Kyzyl, o ile a utloela ka ho fihla ha batho bana, ’me a hlokomela hore ona e ne e le monyetla oa hore a pakele batho bao ho ka etsahalang hore ebe hase hangata ba utloang litaba tse molemo.

Maria o hlalosa se ileng sa etsahala: “Sekolo seo ke rutang ho sona se ile sa hlophisa thupelo e mabapi le ho alafa batho ba sebelisang lino le lithethefatsi hampe. Batho ba ka bang 50 ba tsoang libakeng tsa mahaeng tsa Tuva ba ne ba lokela ho ba teng thupelong ena. Sehlopha seo se ne se akarelletsa matichere, litsebi tsa kelello, bahlahlobi ba sebetsang lefapheng la boiketlo ba bana le ba bang.” Maria o ne a e-na le monyetla o motle oa ho fana ka bopaki empa ho etsa joalo ho ne ho se na ho ba bonolo. O re: “Ke motho ea lihlong ka tlhaho, ’me ke thatafalloa ke ho fana ka bopaki bo sa reroang. Leha ho le joalo, ke ile ka rapela hore Jehova a mphe sebete e le hore ke sebelise monyetla oo ho fana ka bopaki.” Na o ile a atleha?

Ha a tsoela pele Maria o re: “Ke ile ka fumana makasine ea Tsoha! e neng e bua ka ho tšaba lintho tse itseng ka ho feteletseng. Ke ile ka nahana, ‘Sena se ka ’na sa khahla setsebi sa kelello,’ kahoo ke ile ka ea le makasine eo sekolong. Letsatsing lona leo, e mong oa matichere a neng a tlile thupelong o ile a tla ofising ea ka ’me ke ile ka mo fa makasine eo. O ile a e thabela. Ha e le hantle, o ile a re le eena ho na le lintho tseo a li tšabang ka ho feteletseng. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka mo tlela le buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1. Le eona o ile a e thabela. Kaha o ile a amohela buka ena, ke ile ka nahana hore matichere a mang le ’ona a ka ’na a e thabela. Kahoo ke ile ka ea le lebokose la libuka tsa Bacha Baa Botsa hammoho le lingoliloeng tse ling sekolong.” Ho e-s’o ee kae, libuka tseo li ile tsa fela. Maria o bolela hore na ho ile ha etsahala’ng, o re: “Batho ba ’maloa ba sebetsang le tichere eane eo ke neng ke e file buka ea Bacha Baa Botsa, ba ile ba tla ofising ea ka eaba baa mpotsa, ‘Ke hokae moo ba ntseng ba fana ka libuka?’” Ba ne ba tlile sebakeng se nepahetseng!

Thupelo e ile ea fela ka Moqebelo. Letsatsing leo Maria o ne a sa sebetse, kahoo o ile a beha libuka litafoleng tse ’maloa ka ofising ea hae. O ile a ngola sena botong: “Matichere a Khabane! Le ka inkela libuka la ba la nkela le batho ba bang. Libuka tsena tse molemo li tla le thusa hore le atlehe mosebetsing oa lōna ebile li tla etsa hore malapa a lōna a tiee.” Matichere a ile a etsa joang? “Letsatsing lona leo ke ile ka ea ofising ea ka ’me ka fumana hore boholo ba libuka bo ne bo ile. Kapele-pele ke ile ka lata libuka tse ling le limakasine.” Ha thupelo e fela, Maria o ne a tsamaisitse limakasine tse 380, libuka tse 173 le libukana tse 34. Ha batho bao ba tsoang libakeng tsa mahaeng ba neng ba tlile thupelong ba khutlela libakeng tse hōle le litoropo moo ba lulang le moo ba sebetsang teng, ba ile ba khutla ba nkile libuka. Maria o re, “Ke thabile haholo hore ebe peō ea ’nete e fihlile le libakeng tse hōle ka ho fetisisa tsa Tuva!”—Moek. 11:6.

[’Mapa o leqepheng la 32]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

RUSSIA

TUVA REPUBLIC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela