Lethathamo la Tse ka Hare
January 15, 2012
Khatiso e Ithutoang
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
LA 27 FEBRUARY, 2012–LA 4 MARCH, 2012
Bakreste ba ’Nete ba Hlompha Lentsoe la Molimo
LEQEPHENG LA 4 • LIPINA: 113, 116
LA 5-11 MARCH, 2012
Ithute ho Lula U Lebetse ho Baapostola ba Jesu
LEQEPHENG LA 9 • LIPINA: 125, 43
LA 12-18 MARCH, 2012
LEQEPHENG LA 16 • LIPINA: 107, 13
LA 19-25 MARCH, 2012
Ho Etsetsa Jehova Mahlabelo ka Pelo Eohle
LEQEPHENG LA 21 • LIPINA: 66, 56
LA 26 MARCH, 2012–LA 1 APRIL, 2012
Baprista ba Marena ba Tla Tsoela Batho Bohle Molemo
LEQEPHENG LA 26 • LIPINA: 60, 102
MORERO OA LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 1 LEQEPHENG LA 4-8
Sehlooho sena se tla bontša kamoo Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba lumela ho tataisoa ke Lentsoe la Molimo kateng ka lilemo-lemo. Se tla totobatsa le ho tšohla temana ea rōna ea selemo ea 2012.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2 LEQEPHENG LA 9-13
Sehlooho sena se tšohla lintlha tse tharo tse mabapi le ho lula re lebetse tseo re ka ithutang tsona ho baapostola le ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Sehlooho sena se lokela ho re thusa hore re ikemisetse ho paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo.
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG 3, 4 LEQEPHENG LA 16-25
Molao oa Moshe o ne a hloka hore nako le nako Baiseraele ba boholo-holo ba etsetse Jehova mahlabelo. Bakreste ha ba tlas’a Molao oo. Leha ho le joalo, Jehova o lebeletse hore re bontše hore re ananela lintho tseo a re etsetsang tsona ka litsela tse ling. Sehlooho sena se tla hlalosa kamoo Molao oa Moshe o tla re thusa hore re etse sena kateng.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 5 LEQEPHENG LA 26-30
Ntho ea bohlokoa haholo eo batho ba e hlokang ke hore ba boelane le Molimo. Sehlooho sena se hlalosa kamoo baprista ba marena ba tla thusa batho kateng hore ba boelane le Molimo le hore na seo se tla re tsoela molemo joang.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
3 U Nepile, Ena ke Khatiso e Ithutoang!
14 ‘Ke Tla Etsa Mosebetsi oa Boboleli Joang?’
15 Re ka Etsa’ng Hore re Thabele Nako ea ho Ithuta le Hore e re Tsoele Molemo?
SEKOAHELONG: ’Marakeng oa San Cristóbal de las Casas, Mexico. Banyalani ba bo-pula-maliboho ba ithutileng puo ea Setzotzil ba pakela lelapa la matsoalloa a sebakeng seo.
MEXICO
BAAHI
108 782 804
BAHOELETSI
710 454
MOSEBETSI OA PHETOLELO
Lipuo tsa sebakeng sena tse 30