Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 3/1 leq. 32
  • U Nahana’ng ka Jesu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Nahana’ng ka Jesu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 3/1 leq. 32

U Nahana’ng ka Jesu?

Ha u nahana ka Jesu, na u ka re ke lesea, motho ea mothating oa ho shoa, kapa Morena ea phahameng?

Bibele e re Jesu ke Morena ea matla. Empa see se bolela’ng ho uena?

Batho ba bangata ba lumela hore Jesu o ba shoetse. Leha ho le joalo, lefu la motho a le mong ea shoeleng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, le ka pholosa bophelo ba batho joang mehleng ee?

U mengoa ka mofuthu hore u tl’o mamela likarabo tse tsoang ka Mangolong tsa lipotso tsena. Likarabo tsena li tla tšohloa ha Lipaki Tsa Jehova li bokana hore li ikhopotse lefu la Jesu. Selemong sena mokete ona o ka Labone la la 5 April, ka mor’a hore letsatsi le likele.

Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na o tla tšoaroa ka nako mang hona o tla tšoareloa hokae.

Mafelo-bekeng a hlahlamang sehopotso sa lefu la Jesu, Lipaki Tsa Jehova li tla boela li tšohle sehlooho se thahasellisang se thehiloeng Bibeleng se reng, “Na Bofelo bo Haufi ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng?” Puo ena e tla ba e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse etsoang lefatšeng ka bophara ho leka ho finyella bohle ba ratang ho tseba ’nete ’me ba batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu. U mengoa hore u be teng ho eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela