Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 4 leq. 4
  • Molaetsa oa Bibele ha oa ka oa Bola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molaetsa oa Bibele ha oa ka oa Bola
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re Hlile re Hloka Lingoliloeng Tsa Pele-pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bopaki ba ho Bolokoa ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?
    Buka ea Batho Bohle
  • Bibele—Tsela e Hlollang eo e Pholohileng ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 4 leq. 4

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Molaetsa oa Bibele ha oa ka oa Bola

BOTHATA: Bangoli ba Bibele le bakopitsi ba mehleng ea khale ba ne ba ngolla holim’a loli le matlalo a ho ngolla.a (2 Timothea 4:13) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Bibele e ne e le kotsing ha e ngolloa linthong tseo?

Maqephe a loli a taboha habonolo, aa thunya a bile aa khathala. Bo-rahistori ba bang ba re: “Ha leqephe le bola le siea likhoele le phofo. Haeba maqephe ao a bolokiloe, a ka mela hlobo kapa a bole haeba a tšeloa ke metsi. Haeba a tseteloa a ka jeoa ke litali kapa likokoanyana, haholo-holo masetlaoko.” Maqephe a mang a loli a ileng a fumanoa eaba a behoa letsatsing le moo ho leng mongobo, a ile a senyeha kapele le ho feta.

Matlalo a ho ngolla a tšoarella ho feta maqephe a loli, empa le ’ona a ka senyeha haeba a sa tšoaroa hantle kapa a le moo ho chesang kapa ho batang haholo, ho le mongobo kapa ho le letsatsi.b Matlalo a ho ngolla le ’ona a ratoa ke likokoanyana. Kahoo, buka e ’ngoe e buang ka liketsahalo tsa mehleng ea khale e re: “Ha hoa tloaeleha hore lingoliloeng tsa mehleng ea khale li lule li le teng.” Hoja maqephe a Bibele a ile a bola, molaetsa oa eona o ka be o ile oa fela le ’ona.

HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?: Molao oa Bajuda o ne o tlama morena e mong le e mong hore “a ingolle bukeng kopi ea molao ona,” e leng libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele. (Deuteronoma 17:18) Hape, bakopitsi ba Bibele ba ile ba ngola meqolo e mengata hoo lilemong tsa 1 ho ea ho 100, Mangolo a neng a se a fumaneha ka lisynagogeng tsa Iseraele esita le ho ea fihla Macedonia! (Luka 4:16, 17; Liketso 17:11) Ho tlile joang hore ebe meqolo e meng ea khale e ntse e le teng le mehleng ee?

1. Nkho ea letsopa; 2. Sekhechana sa moqolo oa Leoatle le Shoeleng

Meqolo e tsejoang e le ea Leoatleng le Shoeleng e ile ea bolokeha ka lilemo tse makholo e lutse ka har’a linkho tsa letsopa tse behiloeng ka mahaheng moo ho ommeng

Lehaha leo ho fumanoeng libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho ho lona

Seithuti se seng sa Testamente e Ncha se re: “Bajuda ba ne ba tsebahala ka ho beha meqolo ea Mangolo ka har’a linkho e le ho e sireletsa.” Bakreste le bona ba ile ba tsoela pele ho etsa se tšoanang. Kahoo, ho ’nile ha fumanoa meqolo ea mehleng ea khale ka linkhong tsa letsopa, mahaheng le libakeng tse ommeng.

MELEMO E BILE EFE?: Hona joale ho ntse ho e-na le meqolo e likete ea mehleng ea khale. Ha ho buka e ’ngoe ea mehleng ea khale e nang le meqolo e mengata ho feta Bibele.

a Maqephe a loli a ne a etsoa ka semela se phelang metsing se bitsoang loli. Matlalo a ho ngolla a ne a etsoa ka matlalo a liphoofolo.

b Ho etsa mohlala, tokomane e saennoeng ea United States ea tokoloho e ne e ngoletsoe matlalong. Ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho 250, mongolo oa eona o ne o se o sa bonahale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela