Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 4 leq. 8
  • Ke Hobane’ng ha Bibele e Ntse e le Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Bibele e Ntse e le Teng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Pale ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Likeletso Tse Ling Tse Ka Thusang Malapa
    Tsoha!—2018
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 4 leq. 8
Ntate o bala Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Ke Hobane’ng ha Bibele e Ntse e le Teng?

Bibele e ntse e le teng, kahoo u ka iphumanela ea hao ’me oa e bala. Hape, haeba u bala Bibele e fetoletsoeng hantle, u tla kholiseha hore e nepahetse kaha e nkiloe Bibeleng ea mehleng ea khale.a Empa ke hobane’ng ha Bibele e ntse e le teng ho sa tsotellehe hore na e ne e ngoletsoe linthong tse bolang, hore na batho ba lekile hakae ho e felisa le ho fetola molaetsa oa eona? Ke’ng e ikhethang ka Bibele?

“Joale ke kholisehile hore Bibele eo ke e balang ke mpho e tsoang ho Molimo”

Liithuti tse ngata tsa Bibele li lumellana le mantsoe a Moapostola Pauluse a reng: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Ba lumela hore Bibele e ntse e le teng hobane ke Lentsoe la Molimo le hore Molimo ke eena ea e sirelelitseng. Faizal, eo re buileng ka eena sehloohong se qalang sa makasine ena, o ile a iketsetsa lipatlisiso ka hore a ithute Bibele e le hore a bone hore e nepahetse. O ile a makatsoa ke seo a ileng a se fumana. O ile a bona hore Bibele ha e rute lintho tseo a neng a ithutile tsona kerekeng. Hape, o ile a ameha maikutlo ha a ntse a bala Bibele ’me a hlokomela hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše.

O re: “Joale ke kholisehile hore Bibele eo ke e balang ke mpho e tsoang ho Molimo. Hape, haeba Molimo o na le matla a ho bōpa lintho tsohle, na o ne a ke ke a khona ho re fa buka a be a e sireletse? Re tla be re halala matla a Molimo haeba re hanana le taba eo. Ke ne ke boetse ke le mang hore ke halale matla a Molimo?”—Esaia 40:8.

a Bala sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?” Molula-Qhooeng oa May 1, 2008.

Re Kholisoa Ke’ng Hore Bibele e Nepahetse?

Lihloohong tsena re ithutile hore na ho tlile joang hore Bibele e lule e le teng. Empa u ka kholiseha joang hore Bibele ke “lentsoe la Molimo” le hore ha se litšōmo kapa lipale tse iqapetsoeng? (1 Bathesalonika 2:13) Shebella video e reng Re ka Kholiseha Joang Hore Bibele e Nepahetse? e hlahang ho www.jw.org. (Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIVIDEO)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela