Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 4 maq. 14-15
  • Lintho Tsa Bohlokoa Tseo U ka li Bapisang Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tsa Bohlokoa Tseo U ka li Bapisang Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U KA BAPISA SEO U SE LUMELANG LE SEO BIBELE E SE RUTANG JOANG?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
    Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 4 maq. 14-15

Lintho Tsa Bohlokoa Tseo U Ka Li Bapisang Bophelong

NA U MOKRESTE? Haeba ho joalo u karolo ea batho ba fetang libilione tse peli ba phelang lefatšeng ba ipitsang balateli ba Kreste. Mehleng ena ho na le malumeli a mangata a ipitsang a Bokreste empa a arohantsoe ke litloaelo tse hanyetsanang le ho fapana ha maikutlo. Kahoo ho ka etsahala hore tumelo ea hao e fapane le ea batho ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste. Na hoa tsotelleha hore na u lumela eng? E, hoa tsotelleha haeba u hlile u batla ho latela tsela ea Bokreste kamoo Bibele e rutang kateng.

Balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ile ba tsebahala ka hore ke “Bakreste.” (Liketso 11:26) Ho ne ho sa hlokahale hore ba bitsoe ka mabitso a mang e le ho ba khetholla kaha ho ne ho e-na le tumelo e le ’ngoe feela ea Bokreste. Bakreste ba ne ba mamela lithuto le melao ea Mothehi oa tumelo ea Bokreste e leng Jesu Kreste. Ho thoeng ka kereke ea hao? Na u lumela hore e ruta seo Kreste a neng a se ruta le seo balateli ba pele ba Jesu ba neng ba se lumela? U ka tseba seo joang? Ka hore u ithute Bibele.

Nahana ka sena: Jesu Kreste o ne a hlompha Mangolo ’me aa nka e le lentsoe la Molimo. O ne a sa lumellane le batho ba neng ba hanyetsa lithuto tsa Bibele ’me ba ruta lithuto tsa batho. (Mareka 7:9-13) Ka lebaka lena re ka fihlela qeto ea hore balateli ba ’nete ba Jesu ba theha seo ba se lumelang Bibeleng. Kahoo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na lithuto tse rutoang kerekeng ea ka li lumellana le seo Bibele e se buang?’ E le ho araba potso ena, ke hobane’ng ha u sa bapise seo kereke ea hao e se rutang le seo ha e le hantle Bibele e se rutang?

Jesu o itse borapeli ba rōna ho Jehova bo lokela ho thehoa ’neteng e fumanoang ka Bibeleng. (Johanne 4:24; 17:17) Moapostola Pauluse o ile a re e le hore re pholohe re lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Kahoo ho hlokahala hore re thehe tumelo ea rōna linneteng tse rutoang ke Bibele hobane haeba re etsa joalo re tla pholoha.

U KA BAPISA SEO U SE LUMELANG LE SEO BIBELE E SE RUTANG JOANG?

Re kopa hore u bale lipotso tse tšeletseng tse hlahang mona ’me u hlokomele hore na Bibele e li araba joang. Bala litemana tse qotsitsoeng tsa Bibele ’me u nahanisise ka likarabo tseo e fanang ka tsona. Ipotse: ‘Na lithuto tse rutoang kerekeng ea ka li lumellana le seo Bibele e se rutang?’

Ho ipotsa lipotso tsena tse khutšoanyane ho ka u thusa hore u bapise ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Na u ka bapisa lithuto tse rutoang kerekeng ea hao le seo Bibele e se rutang? Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho hlahloba ’nete e rutoang ke Bibele. Ke hobane’ng ha u sa kōpe e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u thuse ho ithuta Bibele kapa u kene websaeteng ea jw.org/st?

1 POTSO: Molimo ke mang?

KARABO: Ke Jehova, Ntate oa Jesu, ha aa shoe, o matla ’ohle ebile ke ’Mōpi oa lintho tsohle.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Re leboha Molimo Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste kamehla ha re le rapella.”​—Bakolose 1:3.

“Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tšenolo 4:11.

Bala le Baroma 10:13; 1 Timothea 1:17.

2 POTSO: Jesu Kreste ke mang?

KARABO: Jesu ke Mora oa Molimo oa letsibolo. Jesu o bōpiloe kahoo o na le qalo. Jesu o mamela le ho etsa seo Molimo a se batlang.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Ntate o moholo ho ’na.”—Johanne 14:28.

“[Jesu] ke setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle.”—Bakolose 1:15.

Bala le Matheu 26:39; 1 Bakorinthe 15:28.

3 POTSO: Moea o halalelang ke eng?

KARABO: Moea o halalelang ke matla ao Molimo aa sebelisang ho finyella thato ea hae. Ha se motho. Moea oo o ka tlala ho batho ’me oa ba matlafatsa.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Eare ha Elizabetha a utloa tumeliso ea Maria, lesea le ka pōpelong ea hae la tlōla; Elizabetha a tlala moea o halalelang.”—Luka 1:41.

“Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna.”—Liketso 1:8.

Bala le Genese 1:2; Liketso 2:1-4; 10:38.

4 POTSO: ’Muso oa Molimo ke eng?

KARABO: ’Muso oa Molimo ke ’muso o leholimong. Jesu ke eena Morena oa ’Muso oa Molimo. Haufinyane ’muso ona o tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng lohle.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: ‘’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.’”—Tšenolo 11:15.

Bala le Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10.

5 POTSO: Na batho bohle ba lokileng ba ea leholimong?

KARABO: Che. Ho na le palo e nyenyane ea batho ba tšepahalang ba bitsoang “mohlatsoana” ’me ba khethiloe ke Molimo ho ea phela leholimong. Ba tla busa le Jesu e le marena holim’a lefatše.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.”—Luka 12:32.

“E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena.”—Tšenolo 20:6.

Bala le Tšenolo 14:1, 3.

6 POTSO: Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše le batho?

KARABO: Tlas’a ’Muso oa Molimo, lefatše le tla fetoha paradeise ’me batho ba tšepahalang ba tla thabela ho phela ba phethahetse. Ba phela ka khotso ka ho sa feleng.

SEO BIBELE E SE BUANG:

“Ba bonolo ba tla rua lefatše. Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

“O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Bala le Pesaleme ea 37:29; 2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela