Bibele e Re’ng?
Na Molimo o arabela lithapelo tsa batho bohle?
NA U KA RE O ARABELA LITHAPELO TSA . . .
Motho e mong le e mong
Batho ba itseng
Kapa ha ho tseo a li arabang
SEO BIBELE E SE BUANG
“Jehova o haufi le bohle . . . ba ipiletsang ho eena ka ’nete.”—Pesaleme ea 145:18.
SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG
Molimo ha a arabe lithapelo tsa batho ba sa mo mameleng. (Esaia 1:15) Leha ho le joalo, ba ka ‘lokisa litaba’ le eena ka hore ba fetole litsela tsa bona.—Esaia 1:18.
Molimo o arabela lithapelo tse lumellanang le litaelo tsa hae tse ka Bibeleng.—1 Johanne 5:14.
Re lokela ho etsa’ng ha re rapela?
BATHO BA BANG BA LUMELA hore re lokela ho khumama, ho inama kapa ho phutha matsoho ha re rapela. Uena u re’ng?
SEO BIBELE E SE BUANG
Molimo o ’nile a araba lithapelo tsa batho ba neng ba ‘lutse,’ ba ‘eme,’ ba “itihetse fatše” kapa ba ‘khumame.’ (1 Likronike 17:16; 2 Likronike 30:27; Esdrase 10:1; Liketso 9:40) Ha aa lebella hore re be boemong bo itseng ha re rapela.
SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG
Molimo o mamela lithapelo tsa batho ba ikokobelitseng.—Pesaleme ea 138:6.
U ka mo rapela ka puo leha e le efe. U ka boela ua mo rapela u buela ka pelong.—2 Likronike 6:32, 33; Nehemia 2:1-6.