Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 March leq. 32
  • Nkho ea Letsopa e Nang le Lebitso le Hlahang ka Bibeleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nkho ea Letsopa e Nang le Lebitso le Hlahang ka Bibeleng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Tsa Mona le Mane​—⁠Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Bochabela bo Hare
    Tsoha!—2015
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 March leq. 32
Lebitso le hlahang ka Bibeleng le fumanoa le ngotsoe ka mongolo oa Bakanana nkhong ea letsopa e nang le lilemo tse 3 000 e le teng

Nkho ea Letsopa e Nang le Lebitso le Hlahang ka Bibeleng

Nkho ea letsopa e nang le lilemo tse 3 000 e le teng

Ka 2012 ha bafuputsi ba ntse ba etsa lipatlisiso ba ile ba tsetolla makumane a nkho ea letsopa e nang le lilemo tse 3 000. Nkho eo e ne e fapane joang le linkho tse ling? Ho ne ho e-na le mantsoe a ngotsoeng ho eona.

Ha bafuputsi ba qeta ho kopanya makumane a nkho eo, ba ile ba bona mantsoe ana a ngotsoeng ke Bakanana ba khale a reng: “Eshbaale Ben [mora oa] Beda’.” Bafuputsi ba ne ba qala ho bona lebitso lena le ngotsoe linthong tsa khale.

Eshbaale e mong o hlaha ka Bibeleng ’me e ne e le e mong oa bara ba Morena Saule. (1 Likron. 8:33; 9:39) Setsebi Yosef Garfinkel e leng e mong oa bafuputsi o re: “Rea thaba ha re tseba hore lebitso Eshbaale le teng ka Bibeleng ’me le hlaha le libukeng tsa baepolli ba lintho tsa khale hape le ne le ntse le le teng le nakong ea puso ea Morena Davida.” Batho ba bang ba ne ba nahana hore e ne e le lebitso le sa tloaelehang. Empa, sena se ile sa bontša hore baepolli ba lumellana le Bibele.

Libakeng tse ling ka Bibeleng, Eshbaale e fetoletsoe e le Ish-boshethe, ’me “baale” e le “boshethe.” (2 Sam. 2:10) Hobane’ng? Bafuputsi ba re: “Lengolong la 2 Samuele ha hoa sebelisoa Eshbaale hobane lebitso lena le ne le amahanngoa le molimo oa Bakanana e leng Baale, leha ho le joalo, lebitso lena le ntse le bolokiloe lengolong la Likronike.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela