NALANE EA RONA
“Re ne re Cheseha ho Feta Leha e le Neng Pele”
Hoseng ho hong ka September 1922, re ne re le ka holong re le 8 000 ’me ho chesa haholo. Molula-setulo o ile a etsa tsebiso ea hore e mong le e mong o lokolohile hore a ka tsamaea empa a ke ke a lumelloa ho kena hape ka hare.
Ho ile ha binoa lipina tsa thoriso pele mor’abo rona Joseph F. Rutherford a fana ka puo ea hae. Batho ba bangata ba ne ba lutse ba lebeletse ka tjantjello se tl’o buoa. Batho ba seng bakae ba ne ba sa khone ho lula fatše ka lebaka la mocheso oo. Sebui se ile sa ba kopa hore ba lule fatše ’me ba mamele. Ha puo e qala ha ho le ea mong ea ileng a hlokomela lesela le leholo le phuthetsoeng ka makhethe le fasitsoe holimo sethaleng.
Mor’abo rona Rutherford o ile a fana ka puo e reng, “’Muso oa Molimo o atametse.” Ka cheseho o ile a hlalosa kamoo baprofeta ba buileng ka ho tla ha ’Muso kateng. Puo ea hae e nkile hora le metsotso e mashome a mararo. Ha a fihla sehlohlolong sa puo ea hae o ile a re: “Na lea lumela hore Morena o se a qalile ho busa?” Kaofela bamameli ba ile ba hoelehetsa ba re: “E!”
Mor’abo rona Rutherford o ile a re ka lentsoe le phahameng: “Joale khutlelang tšimong, lōna bara ba Molimo o holimo-limo! . . . Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae. Ka hona phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang.”
Ka nako eo, lesela le neng le phuthetsoe ka makhethe le ile la phutholloa ’me le ne le ngotse molaetsa o reng: “Phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.”
Ray Bopp o re: “Bamameli ba ne ba tletse morolo.” Anna Gardner eena o re: “Holo e ile ea thothomela ke molumo oa ha batho ba opa liatla.” Fred Twarosh o re: “Bohle ba ile ba ema ka maoto.” Evangelos Scouffas o re: “E ne eka re huloa ke ntho e ’ngoe e matla ha re ema litulong tsa rona, re tletse likhapha ka mahlong.”
Ba bangata kopanong eo ba ne ba se ntse ba bolela litaba tse molemo. Empa ba ile ba khutla ba se ba ikutloa ba na le lebaka le utloahalang la hore ba bolele litaba tse molemo. Ethel Bennecoff o bolela hore Liithuti tsa Bibele li ne li tletse cheseho le lerato ho feta leha e le neng pele.” Odessa Tuck, ea neng a le lilemo li 18 ka nako eo, o ile a tloha kopanong eo a chesehela ho etsa mosebetsi oa boboleli. O ile a re: “Ke ne ke sa tsebe hore na ke tIa o qala joang hape hokae. Seo ke neng ke se tseba ke hore ke ne ke batla ho tšoana le moprofeta Esaia ea ileng a re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na!’” (Esa. 6:8) Ralph Leffler o re: “Letsatsi leo le ikhethang e bile qalo ea letšolo la ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo, ’me letšolo leo le se le anetse lefatše lohle.”
Ke ho utloahalang hore ebe kopano eo e ileng ea tšoaroa ka 1922 Cedar Point, Ohio, ke e ikhethang historing ea batho ba Molimo. George Gangas o re: “Kopano eo ile ea etsa hore ke se fetoe ke kopano leha e le efe.” Ha ho kopano e ileng ea mo feta ho tloha ka nako eo. Julia Wilcox o re: “Nako eohle ha ke bala lingoliloeng tsa rona tse buang ka litaba tsa kopano eo e neng e tšoaretsoe Cedar Point ka 1922, ke thaba haholo. Kamehla ke leboha Jehova hore ebe ke ile ka khona ho ba teng kopanang eo.”
Ha ho pelaelo hore bongata ba rona re hopola likopano tse ileng tsa matlafatsa lerato la rona ho Jehova le ho Morena oa rona Jesu, le kamoo li ileng tsa re thusa ho chesehela mosebetsi oa boboleli kateng. Ha re hopola likopano tse joalo, ruri re susumelletseha hore re re: “Rea leboha Jehova ka ho ba teng likopanong tseo.”