Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 April, 2011. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 7 March ho ea ho ea la 25 April, 2011.
1. Ke ka kutloisiso efe ‘lichaba tse ngata naheng eo li ileng tsa ipolela hore ke Bajuda’? (Esthere 8:17) [w06 3/1 leq. 11 ser. 3]
2. Ke hobane’ng ha Satane a ile a lumelloa ho kena ka pel’a Jehova? (Jobo 1:6; 2:1) [w06 3/15 leq. 13 ser. 6; it-2-E leq. 16 ser. 4]
3. Potso ea Satane e reng, “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo” e bolela’ng ka tsela e sa tobang? (Jobo 1:9) [w94 11/15 leq. 11 ser. 6]
4. Ke hobane’ng ha re ka re ho tseba hore Jehova o “pelo e bohlale ’me o matla” ho etsa hore re mo tšepe? (Jobo 9:4) [w07 5/15 leq. 25 ser. 16; it-2-E leq. 1190 ser. 3]
5. Polelo ea Elifaze e reng motho o noa “ho se loke feela joaloka metsi” e senola joang tsela eo Satane a nahanang ka eona? (Jobo 15:16) [w10 2/15 leq. 20 lir. 1-2]
6. Re ka ithuta’ng ka sello se bohloko sa Jobo seo re balang ka sona ho Jobo 19:2? [w94 10/1 leq. 32 lir. 1-5]
7. Jobo o ile a thusoa ke eng hore a lule a tšepahala? (Jobo 27:5) [w09 4/15 leq. 6 ser. 17]
8. Re ka etsisa Jobo joang ha ba bang ba hloka thuso? (Jobo 29:12, 13) [w02 5/15 leq. 22 ser. 19; w94 9/15 leq. 24 ser. 1]
9. Keletso ea Elihu e ne e fapane joang le ea metsoalle e meng e meraro ea Jobo? (Jobo 33:1, 6) [w95 2/15 leq. 29 ser. 3]
10. Ho nahana ka mesebetsi e babatsehang ea Jehova ho lokela ho re ama joang? (Jobo 37:14) [w06 3/15 leq. 16 ser. 4]