Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 October, 2012. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e tla tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Aletare eo Ezekiele a e boneng ponong e tšoantšetsa’ng? (Ezek. 43:13-20) [La 10 Sept. w07 8/1 leq. 10 ser. 4]
2. Ke eng e tšoantšetsoang ke metsi a nōka eo Ezekiele a e boneng ponong? (Ezek. 47:1-5) [La 17 Sept. w07 8/1 leq. 11 ser. 2]
3. Mantsoe a reng, “a etsa qeto ka pelong ea hae” a bontša’ng ka tataiso ea moea eo Daniele a ileng a e fumana ha e sa le mocha? (Dan. 1:8) [La 24 Sept. dp leq. 32 lir. 4-6; leq. 36 ser. 16]
4. Ke eng e neng e tšoantšetsoa ke sefate se seholo torong ea Nebukadnezare? (Dan. 4:10, 11, 20-22) [La 1 Oct. w07 9/1 leq. 18 ser. 5]
5. Daniele 9:17-19 e re ruta’ng mabapi le thapelo? [La 8 Oct. w07 9/1 leq. 20 lir. 5-6]
6. Ke selekane sefe se ileng sa ‘bolokoa se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata’ ho fihlela qetellong ea libeke tse 70 tsa lilemo, kapa qetellong ea 36 C.E.? (Dan. 9:27) [La 8 Oct. w07 9/1 leq. 20 ser. 4]
7. Re ka fihlela qeto efe ka hore ebe lengeloi le ile la bolella Daniele hore “khosana ea sebaka se pusong ea borena sa Persia” e ne e eme ho le hanyetsa? (Dan. 10:13) [La 15 Oct. w11 9/1 leq. 8 lir. 1-2]
8. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka Mesia bo ileng ba phethahala mabapi le Daniele 11:20? [La 15 Oct. dp leq. 232 lir. 5-6]
9. Ho latela Hosea 4:11, e ’ngoe ea likotsi tsa ho noa joala haholo ke efe? [La 22 Oct. w10 1/1 maq. 4-5]
10. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re lokelang ho ithuta eona ho Hosea 6:6? [La 22 Oct. w07 9/15 leq. 16 ser. 8; w05 11/15 leq. 24 lir. 11-12]