Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/14 leq. 6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 12/14 leq. 6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 December, 2014.

  1. Re ikutloa joang ka taelo e hlahang ho Deuteronoma 14:1 e hanelang batho hore ba iphatse ha ba ilela motho ea shoeleng? [La 3 Nov., w04 9/15 leq. 27 ser. 5]

  2. Ke hobane’ng ha marena a Iseraele a ne a iketsetsa kopi ea Molao oa Molimo ’me a o ‘bala ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ’ona’? (Deut. 17:18-20) [La 3 Nov., w02 6/15 leq. 12 ser. 4]

  3. Ke hobane’ng ha hothoe “u se ke ua lema ka poho le esele hammoho,” hona taelo e buang ka ho se kene jokong e sa lekanang e ama Bakreste joang? (Deut. 22:10) [La 10 Nov., w03 10/15 leq. 32]

  4. Ke hobane’ng ha ho ne ho thibetsoe hore motho a nke “leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso”? (Deut. 24:6) [La 17 Nov., w04 9/15 leq. 26 ser. 3]

  5. Baiseraele ba ne ba lokela ho ikutloa joang ka ho mamela, ’me ke’ng e lokelang ho re susumeletsa ho sebeletsa Jehova? (Deut. 28:47) [La 24 Nov., w10 9/15 leq. 8 ser. 4]

  6. Ke lintho life tse tharo tsa sehlooho tse fumanoang ho Deuteronoma 30:19, 20, tse hlokahalang hore motho a phele? [La 24 Nov., w10 2/15 leq. 28 ser. 17]

  7. Na re tlamehile ho bala mantsoe ’ohle ka lentsoe le tlaase ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo? Hlalosa. (Josh. 1:8) [La 8 Dec., w13 4/15 leq. 7 ser. 4]

  8. “Khosana ea lebotho la Jehova” e boletsoeng ho Joshua 5:14, 15 ke mang, hona tlaleho ee e ka re khothatsa joang? [La 8 Dec., w04 12/1 leq. 9 ser. 1]

  9. Ke eng e ileng ea etsa hore Akane a etse sebe, ’me mohlala oa hae o mobe o re ruta eng? (Josh. 7:20, 21) [La 15 Dec., w10 4/15 maq. 20-21 lir. 2, 5]

  10. Mohlala oa Kalebe o re khothatsa joang kajeno? (Josh. 14:10-13) [La 29 Dec., w04 12/1 leq. 12 ser. 2]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela