Lengolo Le Tsoang ho Sehlopha se Busang
HA BA 70 “ba khutla ka thabo” ho tla tlalehela Jesu ka katleho ea letšolo la bona la ho bolela, eena ka boeena o ile “a nyakalla ka moea o halalelang.” Ha a leboha Jehova, o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale le ba likelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana ba banyenyane.”—Luka 10:17, 21.
Joaloka Jesu, na ha rea thabela tlaleho ea selemo sa 1996? Le rōna re tšoana le bana ba ōtloang ke moea oa Jehova, empa ba bohlale le ba nang le tsebo ba lefatše lena, ho hang ba ke ke ba atametsa ho seo Jehova a se finyeletseng ka batho ba hae. Ho pholletsa le selemo se fetileng sa tšebeletso, re ile ra ikitlaelletsa ho ba “baetsi ba lentsoe.” (Jak. 1:22) Ka lebaka leo, Jehova o ile a ‘thibolla liphororo tsa leholimo’ a ba a phaella ka tlhohonolofatso e fetisisang.—Mal. 3:10.
Lebaka le leng la tlhohonolofatso ena ke hore re ‘ikapesitse ka lerato, tlamo e phethahetseng ea kopano.’ (Bakol. 3:14) Sena se bonahala bonngoeng bo tsotehang ba tšebetso ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Joaloka makhotla a tsie ea boprofeta ba Joele, lebotho le matla la Lipaki tsa Jehova, leo hona joale e leng la ba 5413 769 kaofela, le tsoela pele ho tlatsa lefatše ka bopaki ba lona.—Joele 1:1-4; 2:7, 9-11.
E, 1996 e hlahisitse kotulo e ikhethang ea litholoana tsa ’Muso—lihora tse fetang limilione tse sekete tšebeletsong ea tšimo, tlhōrō e ncha ea bara le barali babo rōna ba bacha ba ileng ba kolobetsoa ba 366 579, le palo e tsotehang ea limakasine tse 543 667 923 tse ileng tsa ajoa. Leha ho le joalo, lipalo tsena tse khōlōhali e mpa feela e le setšoantšo sa se etsahalang lipelong le bophelong ba ba limilione ba khobokanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova lefatšeng ka bophara. (Esa. 2:2-4; 60:8-11) Ha ho mohla mantsoe a Jesu a kileng a sebetsa haholo hakana: “Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.”—Joh. 4:35.
Mabapi le ho kotula litholoana tsena tsa ’Muso kajeno, Morena Jesu o thahasella ho bokella batho ba hloekileng ba tlang ho latela mohlala o fanoeng ke barab’abo ba tlotsitsoeng ka ho phehella khalalelo ea ’nete lefatšeng. (Esa. 35:8-10; Baroma 6:19, 22, 23) Kaofela ba joalo ha ba nehele bophelo ba bona ho Jehova feela empa ba boetse ba hlaolela “litholoana tsa moea,” ba hōlisa “botho bo bocha.” Ba ‘hlatsoa liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufatsa maling a Konyana.’—Bagal. 5:22, 23; Baef. 4:23, 24; Tšen. 7:9, 14; 14:15, 16.
Kahoo, mabapi le ho kotula litholoana tsa ’Muso, Jesu ha a thahaselle feela bongata—palo ea ba bokelloang—empa hape o thahasella le boleng. O batla bahlanka ba tšepahalang ba tlang ho finyella litekanyetso tsa Jehova tsa ho loka, ba etsang hore lithahasello tsa ’Muso e be ntho ea pele bophelong ba bona. Na ho itlhahlobela tšebeletso ea hao ea tšimo le ho ba teng ha hao libokeng ho bontša hore lithahasello tsa ’Muso li tla pele bophelong ba hao? Joalokaha Davida a ile a hatisa thapelong ho Jehova: “Ho ea tšepahalang, ua tšepahala.”—Pes. 18:26, BPN; Mat. 6:31-33.
Jesu o ile a hlakisa hore “heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Mat. 7:13, 14) Re tlameha ho mamela temoso eo! Haeba re lakatsa ho tšoanelehela bophelo bo sa feleng, re tlameha ho ba ka pelo eohle ha re sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba rōna. (Joh. 17:3) Hona ho tla akarelletsa ho ela hloko haufi-ufi temana ea rōna ea selemo ea 1997, e balehang tjena: “Nthute ho etsa thato ea hao.” (Pes. 143:10, NW) E, kamehla, letsatsi le letsatsi le beke le beke, re tlameha ho iketsa ba fumanehang bakeng sa litokisetso le lisebelisoa tsohle tseo Jehova a li lokiselitseng bakeng sa ho re ruta. Li molemong oa ho re sireletsa.—Esa. 50:4, 5; 54:13, 14.
Lefatše la Satane le ntse le tetebela ho ea pele qhefeqhefeng ea litšila, ho hlokeng molao ho bululetsoeng ke bademona le pefong, hammoho le ho hloea ba nang le matla a ho laela le ho hloeana. Le leka ho theolela moloko oohle oa batho sekoting le lona. Ke hona moo ho larileng kotsi e khōlō bakeng sa batho ba Molimo. Boithabiso ba lefatše bo tletse boitšoaro bo nyonyehang, boitšoaro bo bobe, “’mino” o lerata le mantsoe a lipina a silafatsang. Re tlameha ho qoba leshano lena la Bosatane, ‘lipolelo tsena tse sa hloekang tse bululetsoeng ke bademona,’ le tla lebisa babusi hammoho le ba bang bohle ba iketsang “karolo ea lefatše” tšenyehong ka Armagedone.—Tšen. 16:13-16; Joh. 15:19; 17:14, 16; 18:36.
E, litšitiso tsa lefatše lena—litloaelano tsa lona, khatello ea lona ea lithaka, boikhohomoso ba lona, litakatso tsa lona tsa lintho tse bonahalang—kaofela ha tsona li loketse ho felisoa nakong e tlang e haufi. (1 Bakor. 15:33; 1 Tim. 6:9, 10) Moapostola Johanne ea hōlileng ka bohlale o ile a bolela: “Le se ke la ba ba ratang leha e le lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:15-17.
Kaha rea thaba hore ebe re ‘bile baetsi ba lentsoe’ ka 1996, e se eka lithapelo tsa rōna le liketso li ka ba tumellanong le temana ea rōna ea selemo ea 1997: “Nthute ho etsa thato ea hao.”—Pes. 143:10, NW.
Ka lerato le mofuthu-futhu la Bokreste ho basebetsi-’moho le rōna ba machaba,
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova