Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 4/15 leq. 32
  • Na Sefate se Renngoeng se ka Hlōmela Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Sefate se Renngoeng se ka Hlōmela Hape?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jobo o ne a Lumela Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • ‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean
    Tsoha!—2008
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 4/15 leq. 32
Sefate se renngoeng se ka hlōmela hape

Na Sefate se Renngoeng Se ka Hlōmela Hape?

SEFATE sa mohloaare se sothehileng se ka ’na sa bonahala eka ha se khahlehe ha se bapisoa le sefate se setle sa kedare ea Lebanone. Leha ho le joalo, lifate tsa mohloaare li khona le ho phela maemong a thata. Tse ling li se li phetse lilemo tse ka bang sekete. Methapo ea sefate sena e tebela tlaase mobung, ebile se ka boela sa hlōmela le haeba se ka rengoa. Hafeela methapo e ntse e phela, se tla hlōmela hape.

Monna ea tšepahalang Jobo o ne a kholisehile hore le haeba a ka shoa o tla boela a phele. (Jobo 14:13-15) O ile a etsa mohlala ka sefate, mohlomong sefate sa mohloaare, ho bontša hore o kholisehile hore Molimo a ka mo tsosa bafung. Jobo o ile a re: “Etsoe le sefate se na le tšepo. Haeba se rengoa, se tla hlōmela hape.” Ha se utloa pula ka mor’a komello, sefate sa mohloaare se a hlaphoheloa ’me se “hlahisa lekala joaloka semela se secha.”—Jobo 14:7-9.

Feela joalokaha molemi a labalabela ho bona sefate sa mohloaare se renngoeng se hlōmela hape, Jehova Molimo o labalabela ho tsosa bahlanka ba hae le batho ba bang. (Matheu 22:31, 32; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ak’u inahanele kamoo re tla thaba kateng ha re amohela baratuoa ba rōna ba tsositsoeng bafung!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela