Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 32
  • Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qoba Litaba Tseo e Seng Nete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Molaoli ea Phahameng oa Tsa Bophelo o Lemosa Batho ka Likotsi Tsa Inthanete—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • ‘Ea se Nang Phihlelo o Lumela Lentsoe le Leng le le Leng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 32
Monna o shebile litaba tse tsoang bathong ba bangata ba fapaneng.

Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete

Mehleng ena ho bonolo ho feta le ha e le neng pele ho fumana litaba, ho akareletsa le tse re thusang hore re lule re sireletsehile ebile re phetse hantle. Leha ho le joalo, ha u fumana litaba u lokela ho hlokomela tseo eseng ’nete tse kang:

  • Litaba tse khelosang

  • Litlaleho tse fosahetseng

  • Liqoso tse se nang bopaki

Ka mohlala, nakong ea seoa sa COVID-19 mongoli e moholo oa Machaba a Kopaneng o ile a bua ka kotsi ea litaba tseo eseng ’nete tse atileng haholo. O ile a re: “Likeletso tse fosahetseng le tse kotsi tsa phekolo li atile haholo. Lithelevishene le li radio li tsoela pele ho fetisa litaba tseo eseng ’nete. Batho ba hasa litaba tse se nang bopaki inthaneteng. Ke ntho e atileng hore ho fetisoe litaba tse bakang lehloeo le khethollo ho batho ba bang.”

Ho fetisoa ha litaba tseo eseng ’nete ha se ntho e re makatsang hobane Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea rona “batho ba khopo le ba ikhakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle.” (2 Timothea 3:1, 13) Kaha hona joale ho se ho le bonolo ho fumana litaba ka pele ho feta le ha e le neng pele, re sa hlokomele re ka iphumana re se re fetisitse litaba tseo eseng ’nete. Ka lebaka leo, li email tsa rona, mecha ea rona ea lipuisano le litaba tseo re li fumanang lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike li ka tlala ka litaba tse fosahetseng le tse se nang linnete tse feletseng.

Re ka itšireletsa joang litabeng tse khelosang kapa tse se nang bopaki bo feletseng? Hlokomela melao-motheo ea Bibele e ka u thusang.

  • Motho o ntse a nahana ka lintho tseo a li utloileng le tseo a li boneng.

    U se ke oa lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang kapa eo u e utloang

    Bibele e re: “Ea se nang tsebo o lumela lentsoe le leng le le leng empa ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.”—Liproverbia 14:15.

    Haeba re se hlokolosi ho ka ba bonolo hore re ka thetsoa. Ka mohlala, nahana ka litšoantšo tse nang le melaetsa kapa ka livideo tse khutšoanyane tse fetisoang inthaneteng, haholo-holo mecheng ea lipuisano. Lintho tsena ho tloaelehile hore li bitsoe li meme ’me hangata li reretsoe ho tšehisa batho ba bang. Leha ho le joalo, litšoantšo kapa livideo tsena ho ka ba bonolo hore li ka fetoloa kapa hore motho e mong a sebelise mantsoe kapa mongolo o hlahang ho tsona ka morero o fapaneng. Batho ba ka khona ho etsa livideo tsa moo motho a buang kapa a etsang ntho e itseng le hoja bophelong ba sebele motho ea joalo a e-s’o ka a bua kapa a etsa ntho e joalo.

    “Litaba tse ngata tseo eseng ’nete tseo bafuputsi ba li fumanang mecheng ea lipuisano li akareletsa litšoantšo le livideo tse fetotsoeng, tseo batho ba nkileng mantsoe kapa mongolo o hlahang ho tsa batho ba bang, joaloka li meme.”—Axios Media.

    Ipotse: ‘Na litaba tsee ke ’nete kapa ke meme feela?’

  • Khalase e holisang mongolo.

    Batla hore na litaba tseo li tsoa hokae le hore na li bua ka’ng

    Bibele e re: “Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.”—1 Bathesalonika 5:21.

    Pele u ka kholoa kapa oa fetisa litaba tse itseng le haeba ho buuoa ka tsona haholo mecheng ea liphatlalatso, netefatsa hore li nepahetse. U ka etsa seo joang?

    Batlisisa hore na litaba tseo u li fumaneng li tsoa ho hokae le hore na li behiloe ke batho ba tšepahalang. Mecha ea liphatlalatso e ka sotha taba ho ea ka tšekamelo ea batho ea lipolotiki kapa ka mabaka a khoebo. Sebelisa mecha e fapaneng ea litaba ho bapisa seo u se balileng kapa seo u se utloileng. Ka linako tse ling metsoalle ea rona e ka romela litaba tseo e sa hlokomelang hore ha se ’nete mecheng ea lipuisano. Kahoo, u se ke oa kholoa litaba tseo u li utloang pele u li bala moo li hlahang teng.

    Etsa bonnete ba hore litaba tseo ke tsa morao-rao ebile li nepahetse. Sheba hore na ke tsa neng, hore na ke ’nete le hore na li na le bopaki bo li tšehetsang. Ela hloko hore na litaba tsa bohlokoa ha lia fetisoa joalokaha eka ha li bohlokoa le hore na litaba tseo ha lia rereloa ho susumetsa maikutlo a rona.

    “Ho netefatsa hore litaba tseo re li fumaneng ke ’nete ho ntse ho e-ba bohlokoa joaloka ho hlapa matsoho.”—Sridhar Dharmapuri, Ofisiri e Phahameng ea Tšireletseho ea Lijo le Phepo e Nepahetseng ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng.

    Ipotse: ‘Na litaba tsee ke maikutlo a motho a bonahalang eka ke ’nete kapa li buella lehlakore le le leng la seo ho buuoang ka sona?’

  • Pampiri e nang le lethathamo la lintho.

    Kholoa litaba tseo e leng ’nete eseng tseo uena u thabelang ho li utloa

    Bibele e re: “Motho ea tšepang pelo ea hae ha a na kelello.”—Liproverbia 28:26.

    Hangata re kholoa litaba tseo rona re batlang ho lumela hore ke ’nete. Ha motho a kena inthaneteng o hlahisetsoa litaba tse amanang le lintho tseo a ileng a li sheba nakong e fetileng. Leha ho le joalo, lintho tseo rona re thabelang ho li utloa ha se kamehla e leng lintho tseo re lokelang ho li utloa.

    “Ho bonolo hore batho ba bone seo e leng ’nete ka mor’a ho hlahloba mahlakore ’ohle a taba. Leha ho le joalo, litaba-tabelo tsa bona, lintho tse ba susumetsang le lintho tseo ba li tšabang li ka etsa hore ba kholoe taba e itseng hobane feela e tšehetsa lintho tseo ba li thahasellang.”—Peter Ditto, setsebi sa kelello.

    Ipotse: ‘Na ke tšepa litaba tsee hobane feela li tšehetsa lintho tseo ke li thahasellang?’

  • Litaba tse fosahetseng li lahleloa ka moqomong.

    U se ke oa fetisa litaba tseo eseng ’nete

    Bibele e re: “U se ke oa bolela tlaleho eo e seng ea ’nete.”—Exoda 23:1.

    Hopola hore litaba tseo u li fetisetsang ho batho ba bang li ka ama tsela eo ba ikutloang le ho etsa lintho ka eona haholo. Le hoja u ka romela litaba tse fosahetseng ka sepheo se setle, ho etsa joalo ho ka ba kotsi.

    “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u lokelang ho e etsa pele u ka fetisetsa litaba ho batho ba bang ke ho ipotsa potso ena: ʻNa ke kholisehile hore taba ee eo ke batlang ho e fetisa ke ’nete?’ Haeba motho e mong le e mong a ne a ka ipotsa potso ena ho ka be ho sa tlala litaba tseo eseng ’nete hakana inthaneteng!”— Peter Adams, motlatsi e moholo oa mopresidente oa News Literacy Project.

    Ipotse: ‘Na ke fetisa litaba tsee hobane ke tseba hore ke ’nete?’

Liqoso tse se nang bopaki

Shauna Bowes eo e leng setsebi sa kelello o re: “Hona joale liqoso tse se nang bopaki li susumetsa tsela eo batho ba nahanang le ho etsa lintho ka eona ho feta pele.” A re ke re bueng haholoanyane ka liqoso tsena tse se nang bopaki.

Liqoso tse se nang bopaki ke’ng? Ke liqoso tse reng ho na le lihlopha tse matla le tse khopo tse rerileng ho etsa lintho tse itseng tse ka ntšang sechaba kotsi.

Ke hobane’ng ha li le kotsi? Liqoso tse se nang bopaki li ka etsa hore batho ba se ke ba hlola ba tšepa litaba tse tsoang mecheng e tšepahalang. Li ka ba tsa etsa hore batho ba se ke ba amohela mekhoa ea phekolo kapa likeletso tsa tšireletseho. Liqoso tsena li boetse li etsa hore batho ba khetholle lihlopha tse qosoang le ho susumeletsa batho ho etsa lintho tse ka ntšang lihlopha tseo kotsi.

Ke hobane’ng ha li atile hakaale? Encyclopaedia Britannica e re liqoso tse se nang bopaki li eketseha haholo “nakong eo batho ba bangata ba tšoenyehileng ka ntho e itseng, ho feto-fetoha ha lintho kapa ha ho e-na le mathata a itseng joaloka a bang teng nakong ea lintoa, nakong ea ho putlama ha moruo kapa ka mor’a likoluoa tsa tlhaho tse kang tsunami, tšisinyeho ea lefatše le mafu a seoa.” Ha lintho tsena li etsahala, batho ba kholoa liqoso tsena tse se nang bopaki hobane li tšehetsa seo ba se lumelang kapa li ba thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba hlaheloa ke lintho tse bohloko.

Bibele e ka u thusa joang hore u se ke oa kholoa liqoso tse se nang bopaki? Likeletso tsa Bibele li ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo nakong eo u nang le mathata. Li ka re thusa ho utloisisa hore na ha e le hantle ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata le hore na mathata ao a tla fela joang. Ho fumana lintlha tse ling, shebella video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela