Dillo Tsa Jeremia
א [ʼAleph]
4 Khauta e benyang e fifetse hakaakang, khauta e ntle!+
Majoe a halalelang+ a tšolloa hakaakang qalong ea literata tsohle!+
ב [Behth]
2 Ha e le bara ba bohlokoa ba Sione,+ ba ileng ba lekanngoa le khauta e hloekisitsoeng,
Ba nkiloe ba tšoana le linkho tse khōlō tsa letsopa hakaakang, mosebetsi oa matsoho a sebōpi!+
ג [Gimel]
3 Esita le liphokojoe li hlahisitse matsoele. Li anyesitse malinyane a tsona.
Morali oa batho ba heso o sehlōhō,+ joaloka limpshe lefeelleng.+
ד [Daleth]
4 Leleme la ea anyang le khomaretse mahalapeng a hae ka lebaka la lenyora.+
Bana ba kōpile bohobe. Ha ho ea ba ngoathelang bona.+
ה [Heʼ]
5 Ba neng ba ja lintho tse monate ba maketse literateng.
Ba neng ba hōlisoa ka sekareleta+ ba ile ba lokela ho kopa lithotobolo.+
ו [Waw]
6 Kotlo bakeng sa phoso ea morali oa batho ba heso le eona e khōlō ho feta kotlo bakeng sa sebe sa Sodoma,+
E ileng ea lihuoa joalokaha eka ke ka motsotsoana, le eo ho seng matsoho a ileng a retelehela ho eona ho thusa.+
ז [Zayin]
7 Banazari+ ba eona ba ne ba hloekile ho feta lehloa;+ ba ne ba le basoeu ho feta lebese.
Ha e le hantle ba ne ba le bafubelu+ ho feta likorale; ho benya ha bona ho ne ho tšoana le safire.+
ח [Chehth]
8 Chebahalo ea bona e fifetse ho feta botšo. Ha baa ka ba eloa hloko literateng.+
Letlalo la bona le omeletse masapong a bona.+ Le omile joaloka sefate.
ט [Tehth]
9 Ba bolailoeng ka sabole+ ba bile molemo ho feta ba bolailoeng ke tlala,+
Hobane baa tepella, ba hlabiloe ka lebaka la khaello ea se hlahisoang naheng e sabaletseng.
י [Yohdh]
10 Matsoho a basali ba nang le qenehelo a phehile bana ba bona.+
Ba fetohile ba joaloka bohobe ba matšeliso ho motho nakong ea ho ripitloa ha morali oa batho ba heso.+
כ [Kaph]
11 Jehova o phethile khalefo ea hae.+ O tšolotse bohale ba hae bo tukang.+
O hotetsa mollo Sione, o chesang metheo ea eona kaofela.+
ל [Lamedh]
12 Marena a lefatše le baahi bohle ba naha e behang ba ne ba sa lumela+
Hore mohanyetsi le sera ba tla kena lihekeng tsa Jerusalema.+
מ [Mem]
13 Ka lebaka la libe tsa baprofeta ba eona, liphoso tsa baprista ba eona,+
Ba tšollang mali a ba lokileng ba ne ba le ka hare ho eona.+
נ [Nun]
14 Ba lelerile joaloka ba foufetseng+ literateng.+ Ba silafalitsoe ke mali,+
Hoo ho seng le ea mong ea khonang ho ama liaparo tsa bona.+
ס [Samekh]
15 Ba ba hoelelitse ba re: “Suthang tseleng! Ha lea hloeka!+ Suthang tseleng! Suthang tseleng! Le se ke la ama!”+
Etsoe ba hloka mahae.+ Hape ba lelerile hohle.+ Batho ba itse har’a lichaba: “Ba ke ke hlola ba lula e le bajaki.+
פ [Peʼ]
16 Sefahleho sa Jehova se ba arotse.+ A ke ke a hlola a ba talima.+
Ka sebele batho ba ke ke ba nahanela esita le baprista.+ Ka sebele ba ke ke ba bontša mohau esita le ho banna-baholo.”+
ע [ʽAyin]
17 Ha re sa ntse re le teng, mahlo a rōna a ntse a hlorela lefeela bakeng sa thuso ea rōna.+
Ha re ntse re qamaka re ile ra sheba ho sechaba se ke keng sa tlisa poloko.+
צ [Tsadheh]
18 Ba tsomile mehato ea rōna+ hoo ho sa tsamauoeng mapatlelong a rōna.
Bofelo ba rōna bo atametse. Matsatsi a rōna a phethahetse, etsoe bofelo ba rōna bo tlile.+
ק [Qohph]
19 Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta lintsu tsa maholimo.+
Ba re behile merebele holim ’a lithaba.+ Ba re laletse lefeelleng.
ר [Rehsh]
20 Phefumoloho ea linko tsa rōna,+ motlotsuoa oa Jehova,+ e hapuoe ka sekoting sa bona se seholo,+
Eena eo re itseng ka eena: “Re tla phela moriting+ oa hae har’a lichaba.”+
ש [Sin]
21 Thaba ’me u nyakalle,+ Uena morali oa Edomo,+ ea lulang naheng ea Utse.+
Le ho uena senoelo se tla feta.+ U tla tahoa ’me u iponahatse u le feela.+
ת [Taw]