Labone la 17 July
Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.—Diprov. 17:17.
Maria mme wa Jesu o ne a hloka ho matlafatswa. O ne a tlo ima empa a eso nyalwe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e jwang ho hodisa ngwana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngwana eo ha morao e neng e tla ba Mesia. Hape ka ha o ne a eso ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ya neng a tlo mo nyala hore o imme? (Luka 1:26-33) Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe ditaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mora moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ya “motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le yena. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetswa ke moya wa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo kgothatsang ka mora wa Maria ya eso hlahe. (Luka 1:39-45) Maria o ile a re Jehova “o entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebedisa Gabariele le Elizabetha. w23.10 14-15 ¶10-12
Labohlano la 18 July
O re entse marena le baprista hore re sebeletse Modimo Ntate wa hae.—Tshen. 1:6.
Ke barutuwa ba mmalwa feela ba Kreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba na le setswalle se ikgethang le Jehova. Batlotsuwa bana ba 144 000 e tlo ba baprista lehodimong le Jesu. (Tshen. 14:1) Karolo ya Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tshwantshetsa hore batlotsuwa ba kgethilwe hore e be bana ba Modimo ha ba ntse ba le lefatsheng. (Bar. 8:15-17) Karolo ya Sehalaledisiso e neng e le tabernakeleng e emela lehodimo e leng moo Jehova a dulang teng. “Kgaretene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso e emela mmele wa Jesu wa nama, o neng o etsa hore a se ke a kgona ho kena lehodimong e le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa wa tempele ya tshwantshetso. Ha Jesu a fana ka mmele wa hae wa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuwa monyetla wa ho phela lehodimong. Le bona ba lokela ho siya mmele ya bona ya nama e le hore ba ka fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong.—Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13
Moqebelo la 19 July
Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone.—Baheb. 11:32.
Gideone o ile a dula a kgobile matshwafo ha Baefraime ba ne ba mo tshwaya diphoso. (Baahl. 8:1-3) Ha a ka a ba halefela. O ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tshwenyehile ka yona le ho bua le bona ka mosa mme seo se ile sa etsa hore ba theole moya. Baholo ba ka etsisa mohlala wa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tshwauwa diphoso. (Jak. 3:13) Ha ba etsa jwalo, ba tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa yena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone jwang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka dintho tseo ba kgonang ho di etsa. (1 Bakor. 4:6, 7) Ka mohlala, ha moholo a roriswa ka lebaka la bokgoni ba hae ba ho ruta, a ka bontsha hore Lentswe la Modimo ke lona le re rutang le hore mokgatlo wa Jehova o a re kwetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka yona e rorisa Jehova kapa e kgahlisa batho. w23.06 4 ¶7-8