Labohlano la 18 July
O re entse marena le baprista hore re sebeletse Modimo Ntate wa hae.—Tshen. 1:6.
Ke barutuwa ba mmalwa feela ba Kreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba na le setswalle se ikgethang le Jehova. Batlotsuwa bana ba 144 000 e tlo ba baprista lehodimong le Jesu. (Tshen. 14:1) Karolo ya Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tshwantshetsa hore batlotsuwa ba kgethilwe hore e be bana ba Modimo ha ba ntse ba le lefatsheng. (Bar. 8:15-17) Karolo ya Sehalaledisiso e neng e le tabernakeleng e emela lehodimo e leng moo Jehova a dulang teng. “Kgaretene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso e emela mmele wa Jesu wa nama, o neng o etsa hore a se ke a kgona ho kena lehodimong e le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa wa tempele ya tshwantshetso. Ha Jesu a fana ka mmele wa hae wa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuwa monyetla wa ho phela lehodimong. Le bona ba lokela ho siya mmele ya bona ya nama e le hore ba ka fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong.—Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13
Moqebelo la 19 July
Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone.—Baheb. 11:32.
Gideone o ile a dula a kgobile matshwafo ha Baefraime ba ne ba mo tshwaya diphoso. (Baahl. 8:1-3) Ha a ka a ba halefela. O ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tshwenyehile ka yona le ho bua le bona ka mosa mme seo se ile sa etsa hore ba theole moya. Baholo ba ka etsisa mohlala wa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tshwauwa diphoso. (Jak. 3:13) Ha ba etsa jwalo, ba tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa yena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone jwang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka dintho tseo ba kgonang ho di etsa. (1 Bakor. 4:6, 7) Ka mohlala, ha moholo a roriswa ka lebaka la bokgoni ba hae ba ho ruta, a ka bontsha hore Lentswe la Modimo ke lona le re rutang le hore mokgatlo wa Jehova o a re kwetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka yona e rorisa Jehova kapa e kgahlisa batho. w23.06 4 ¶7-8
Sontaha la 20 July
Menahano ya ka ha e tshwane le menahano ya lona.—Esa. 55:8.
Haeba dithapelo tsa rona di sa arajwe ka tsela eo re neng re e batla, re ka nna ra ipotsa ‘Na ke rapella ntho e nepahetseng?’ Hangata re nahana hore re a tseba hore na ke eng e re loketseng. Empa dintho tseo re di kopang di ka nna tsa se ke tsa re tswela molemo ha nako e ntse eya. Haeba ho na le bothata boo re bo rapellang, ho ka nna ha eba le tsela e molemo ya ho rarolla bothata boo ho feta eo re neng re e batla. Hape e ka nna yaba dintho tse ding tseo re di kopang ha di dumellane le thato ya Jehova. (1 Joh. 5:14) Ka mohlala, nahana ka batswadi ba ileng ba kopa Jehova hore a ba thuse hore ngwana wa bona a dule a mo sebeletsa. Ho ne ho bonahala eka ba kopa ntho e nepahetseng. Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a re qobella hore re mo sebeletse. O batla hore kaofela ha rona ho akareletsa le bana, re ikgethele ho mo sebeletsa. (Deut. 10:12, 13; 30:19, 20) Ka hoo, batswadi ba ka kopa Jehova hore a ba thuse hore ba rute ngwana wa bona hore a rate Jehova le hore e be motswalle wa hae.—Diprov. 22:6; Baef. 6:4. w23.11 21 ¶5; 23 ¶12