14 “Qetellong ha u fihla naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona, ’me u se u e ruile le ho lula ho eona,+ ’me u itse, ‘A nke ke ipehele morena joaloka lichaba tsohle tse mpotolohileng’;+
15 ruri u lokela ho ipehela morena eo Jehova Molimo oa hao a tla mo khetha.+ U behe morena ea tsoang har’a barab’eno. U ke ke ua lumelloa ho beha osele eo e seng mor’eno.
19 Empa lōna—kajeno le lahlile Molimo oa lōna+ eo e neng e le mopholosi oa lōna bobeng bohle ba lōna le mahlomoleng a lōna, ’me le tsoetse pele ho re: “Che, empa u lokela ho re behela morena hore a re buse.” Joale emang ka pel’a Jehova ka meloko ea lōna le ka likete tsa lōna.’”