LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 37:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Bara bohle ba hae le barali bohle ba hae ba ’na ba ema ho mo tšelisa,+ empa a ’na a hana ho tšeliseha a re:+ “Etsoe ke tla theohela ho mora oa ka Sheole ke siame!” Eaba ntat’ae o tsoela pele ho mo llela.

  • Numere 16:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Empa haeba Jehova o tla bōpa+ ho hong ho hocha, ’me lefatše le tla ahlamisa molomo oa lona ho metsa bona+ hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ’me ba tla theohela ba phela Sheole,+ joale ka sebele le tla tseba hore banna bana ba hlompholotse Jehova.”+

  • 1 Marena 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 U etse tumellanong le bohlale ba hao, u se ke ua lumella moriri oa hae o moputsoa hore o theohele Sheole+ ka khotso.+

  • Pesaleme 49:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joaloka linku ba behetsoe ho ea Sheole;+

      Lefu le tla ba lisa;+

      Hoseng ba lokileng ba tla ba laola,+

      Libōpeho tsa bona li loketse ho senyeha;+

      Sheole ke ea e mong le e mong ho e-na le sebaka sa bolulo se phahameng.+

  • Pesaleme 89:48
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 48 Ke monna ofe ea shahlileng ea phelang ea ke keng a bona lefu?+

      Na a ka pholosa moea oa hae letsohong la Sheole?+ Selah.

  • Moeklesia 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+

  • Hosea 13:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole;+ ke tla ba lokolla lefung.+ Metsu ea hao e hokae, Uena Lefu?+ Ho timetsa ha hao ho kae, Uena Sheole? Qenehelo e tla patoa mahlong a ka.+

  • Diketso 2:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka Hadese, kapa ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone ho bola.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share