17 Etsoe o lokela ho hlokomela hore mora oa ea hloiloeng ke letsibolo ka ho mo fa likarolo tse peli nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ho fumanoang a e-na le eona, hobane eo ke eena tšimoloho ea matla a hae a ho ikatisa.+ Tokelo ea boemo ba letsibolo ke ea hae.+
14 Bara ba Josefa ba bua le Joshua, ba re: “Ke hobane’ng ha u mphile lotho+ e le ’ngoe le kabelo e le ’ngoe e le lefa, athe ’na ke sechaba se sengata ka lebaka la hore Jehova o ntlhohonolofalitse ho fihlela joale?”+
13 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Sena ke sebaka seo le tla ikabela sona hore e be lefa e le naha bakeng sa meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele, ’me Josefa a fumane likarolo tse peli tsa naha.+