2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang,+ hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova+ ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+
4 Faro a ke ke a le mamela;+ ’me ke tla lokela ho isa Egepeta letsoho ke ntše mabotho a ka,+ sechaba sa ka,+ bara ba Iseraele,+ naheng ea Egepeta ka likahlolo tse khōlō.+
8 Kahoo Jehova a tlohela pelo ea Faro morena oa Egepeta hore e be manganga,+ eaba o qala ho lelekisa bara ba Iseraele, ha bara ba Iseraele ba ntšoa ka letsoho le phahamisitsoeng.+