17 “Ke hobane’ng ha le sa jella nyehelo ea sebe sebakeng se halalelang,+ kaha ke ntho e halalelang ka ho fetisisa ’me o le file eona e le hore le arabe bakeng sa phoso ea phutheho e le hore a koahele libe tsa eona ka pel’a Jehova?+
9 “‘Ba boloke tlamo ea bona ho ’na, hore ba se ke ba jara sebe ka lebaka la eona eaba ba lokela ho shoa+ ka lebaka la eona hobane ba ne ba e silafatsa. Ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
18Jehova a re ho Arone: “Uena le bara ba hao hammoho le ntlo ea ntat’ao le tla arabella phoso khahlanong le sehalalelo,+ ’me uena hammoho le bara ba hao le tla arabella phoso khahlanong le boprista+ ba lōna.
11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata; ’me o tla jara liphoso tsa bona.+
28 kahoo le eena Kreste o ile a nyeheloa hang le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata;+ ’me ka lekhetlo+ la bobeli ha a bonahala+ e tla ba kantle le sebe+ le ho ba mo batlang ka tieo bakeng sa poloko+ ea bona.