LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 17:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Kahoo ha ba sa tla hlola ba etsa mahlabelo a bona bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa pōli bao ba bang le likamano tse litšila le bona.+ Ena e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna, melokong eohle ea lōna.”’

  • Deuteronoma 31:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+

  • Baahlodi 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Esita le baahloli ba bona ha baa ka ba ba mamela, empa ba ba le likamano tse litšila+ le melimo e meng+ ’me ba e inamela. Kapele ba kheloha tsela eo baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaile ho eona ka ho mamela litaelo tsa Jehova.+ Ha baa ka ba etsa joalo.

  • Baahlodi 8:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Eitse hang ha Gideone a shoele bara ba Iseraele ba boela ba e-ba le likamano tse litšila le bo-Baale,+ hoo ba ileng ba beha Baale-berithe e le molimo oa bona.+

  • Jeremia 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Botekatse ba eona bo etsahetse ka lebaka la pono ea eona ea booatla, ’me ea ’na ea silafatsa naha+ ea feba le majoe le lifate;+

  • Ezekiele 6:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka sebele ba phonyohileng ba lōna ba tla nkhopola har’a lichaba tseo ba tla beng ba isitsoe kholehong ho tsona,+ hobane ke utloisitsoe bohloko ke lipelo tsa bona tse etsang bohlola tse suthetseng thōko le ’na+ le mahlo a bona a latelang ka bohlola litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang;+ ka sebele lifahlehong tsa bona ba tla nyonya lintho tse mpe tseo ba li entseng linthong tsohle tsa bona tse manyala.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share