2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang+ ka har’a lesira,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Areka, hore a se ke a shoa;+ hobane ke tla hlaha holim ’a sekoahelo+ ka leru.+
15 Joale ka letsatsi la ho hloma tabernakele+ leru la koahela tabernakele ea tente ea Bopaki,+ empa ka shoalane se bonahalang e le mollo+ sa lula holim ’a tabernakele ho fihlela hoseng.
42 Eitse ha phutheho e bokane hammoho khahlanong le Moshe le Arone, joale ba retelehela tenteng ea pokano; bonang! e ne e koahetsoe ke leru, ’me khanya ea Jehova ea qala ho bonahala.+