LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 12:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka nģ’a bochabela ho Bethele+ eaba o hloma tente ea hae Bethele e le bophirimela ’me Ai+ e le bochabela. Joale a hahela Jehova+ aletare moo eaba o qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova.+

  • Genese 27:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Kahoo a atamela a mo aka, ’me a fofonela monko oa liaparo tsa hae.+ Eaba oa mo hlohonolofatsa o re:

      “Bona, monko oa mora oa ka o joaloka monko oa naha e hlohonolofalitsoeng ke Jehova.

  • Genese 28:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale Jakobo a tsoha borokong ’me a re: “Kannete Jehova o sebakeng sena ’me ha kea ka ka tseba.”

  • 2 Samuele 7:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ke sechaba sefe se seng lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele,+ seo Molimo a ileng a itopollela sona e le sechaba+ a iketsetsa lebitso+ ’me a se etsetsa lintho tse khōlō le tse tšosang+—ho leleka lichaba le melimo ea tsona, ka lebaka la sechaba sa hao, seo u ileng ua itopollela+ sona Egepeta?

  • Pesaleme 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Jehova o tsejoa ka kahlolo eo a e phethisitseng.+

      Ea khopo o tšoasitsoe ke mosebetsi oa matsoho a hae.+

      Higaione. Selah.

  • Esaia 52:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka lebaka leo sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka,+ ka lona lebaka leo letsatsing leo, kahobane ke ’na Ea buang.+ Bonang! Ke ’na.”

  • Jeremia 16:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Ka hona bonang! ke etsa hore ba tsebe; ka nako ena e le ’ngoe ke tla etsa hore ba tsebe letsoho la ka le matla a ka,+ ’me ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”+

  • Jeremia 32:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 uena ea entseng lipontšo le mehlolo naheng ea Egepeta ho fihlela kajeno le ho Iseraele le har’a batho,+ e le hore u ka iketsetsa lebitso, feela joaloka letsatsing lena.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share