LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 20:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Empa joale khutlisa mosali oa monna eo, etsoe ke moprofeta,+ ’me o tla u etsetsa thapeli.+ Kahoo u ’ne u phele. Empa haeba u sa mo khutlise, tseba hore ka sebele u tla shoa, uena le bohle bao e leng ba hao.”+

  • Exoda 10:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Joale ka kōpo, tšoarelang+ sebe sa ka hanngoe lekhetlong lena feela ’me le kōpe+ Jehova Molimo oa lōna ka tieo hore a tlose lefu lena la seoa le bolaeang ho ’na.”

  • Numere 21:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Qetellong sechaba sa tla ho Moshe sa re: “Re entse sebe,+ hobane re buile Jehova hampe le uena re u buile hampe. Re buelle ho Jehova hore a tlose linoha har’a rōna.”+ Eaba Moshe o qala ho buella sechaba.+

  • 1 Marena 13:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale morena a araba ’me a re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Ka kōpo, nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hao ’me u nthapelle e le hore letsoho la ka le ka busetsoa ho ’na.”+ Monna oa Molimo oa ’nete a nolofatsa+ sefahleho sa Jehova, hoo letsoho la morena le ileng la busetsoa ho eena, ’me la e-ba joaloka pele.+

  • Diketso 8:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ha Simone a araba a re: “Lōna, nketsetseng thapeli+ ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share