LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 13:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka letsatsi leo u tla bolella mora oa hao, u re, ‘Ke ka lebaka la seo Jehova a nkentseng sona ha ke tsoa Egepeta.’+

  • Deuteronoma 6:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 u a rute mora+ oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.

  • Joshua 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 e le hore sena e ka ba pontšo har’a lōna.+ Haeba bara ba lōna ba ka botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobane’ng ha le e-na le majoe aa?’+

  • Pesaleme 78:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 E le hore moloko o tlang ho tla, bara ba neng ba tla tsoaloa, ba ka li tseba,+

      E le hore ba ka ema ’me ba li phetela bara ba bona,+

  • Pesaleme 145:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Moloko o mong ka mor’a o mong o tla babatsa mesebetsi ea hao,+

      O tla bolela liketso tsa hao tse matla.+

  • Baefese 6:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana+ ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo+ le kelello e laoloang+ ke Jehova.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share