LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso.+

  • Genese 15:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Joale a mo ntšetsa ka ntle ’me a re: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.”+ Eaba o tsoela pele ho re ho eena: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+

  • Genese 46:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ’nete,+ Molimo oa ntat’ao.+ U se ke ua tšaba ho theohela Egepeta, etsoe ke tla u etsa sechaba se seholo hona teng.+

  • Exoda 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Bara ba Iseraele ba ata ’me ba qala ho ngatafala; ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla haholo ka tekanyo e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+

  • Exoda 38:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Halofo ea shekele bakeng sa motho ka mong e ne e le halofo ea shekele ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, bakeng sa monna e mong le e mong ea neng a fetela ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ ea e-ba likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 2:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Bana ke ba neng ba ngolisitsoe ho bara ba Iseraele ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona; bohle ba ngolisitsoeng ba lihlopha tse mabothong a bona ba ne ba le likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 11:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale Moshe a re: “Sechaba seo ke leng har’a sona ke banna ba tsamaeang ka maoto ba likete tse makholo a tšeletseng,+ ’me leha ho le joalo uena—u itse, ‘Ke tla se fa nama, ’me ka sebele se tla ja ka matsatsi a etsang khoeli’!

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share