34 Joale, tloo, etella sechaba pele ho ea moo ke u boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla u etella pele,+ ’me letsatsing leo ke tlisang kahlolo ka lona ka sebele ke tla tlisa kahlolo bakeng sa sebe sa sona.”
16 Qetellong ra hoeletsa ho Jehova+ eaba o utloa mantsoe a rōna ’me o romela lengeloi+ o re ntša Egepeta; ’me bona! re Kadeshe, motse o pheletsong ea naha ea hao.
9 Empa ha Mikaele+ lengeloi le ka sehloohong+ a ne a e-na le phapang+ le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe,+ ha aa ka a iteta sefuba ho tlisa kahlolo khahlanong le eena ka mantsoe a nyefolang,+ empa a re: “E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.”