34 Qetellong Jafeta a fihla Mizpa+ lelapeng la hae, ’me, bonang! morali oa hae a tsoa ho mo khahlanyetsa a letsa moropa o monyenyane ’me a tjeka!+ Joale e ne e le eena ngoana ea mong to! Ntle ho eena o ne a se na mora kapa morali.
6 Eitse ha ba kena, ha Davida a khutla ho bolaeeng Bafilista, basali ba qala ho tsoa metseng eohle ea Iseraele ka pina+ le metjeko ho khahlanyetsa Morena Saule, ka meropa e menyenyane,+ ka thabo+ le ka lilute.
5 Davida le bohle ba ntlo ea Iseraele ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa lehong la junipere le ka liharepa+ le ka liletsa tse likhoele+ le ka meropa e menyenyane+ le ka lisistrame le ka licymbala.+
4 Leha ho le joalo ke tla boela ke u tsosolose ’me u tla tsosolosoa,+ Uena moroetsana oa Iseraele. U sa ntse u tla ikhabisa ka meropa ea hao e menyenyane ’me u tsoe ka motjeko oa ba tšehang.+