LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Numere 14:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Qetellong Jehova a re ho Moshe: “Sechaba see se tla ntlhompholla+ halelele hakae,+ ’me se ke ke sa beha tumelo ho ’na bakeng sa lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona halelele hakae?+

  • 2 Marena 17:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ha baa ka ba mamela empa ba ’na ba satalatsa melala+ ea bona joaloka melala ea baholo-holo ba bona ba neng ba sa ka ba bontša tumelo+ ho Jehova Molimo oa bona;

  • Pesaleme 78:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ha baa ka ba boloka selekane sa Molimo,+

      Ba ile ba hana ho tsamaea molaong oa hae.+

  • Pesaleme 81:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Hoja batho ba ka ba ne ba ’mamela,+

      Hoja Baiseraele ba ne ba ka tsamaea litseleng tsa ka!+

  • Pesaleme 106:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ba lebala mesebetsi ea hae kapele;+

      Ha baa ka ba letela keletso ea hae.+

  • Luka 16:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Empa a re ho eena, ‘Haeba ba sa mamele Moshe+ le Baprofeta, ba ke ke ba susumetsoa haeba e mong a tsoha bafung.’”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share