17 Ke tla lokela ho theoha+ le ho bua le uena moo;+ ’me ke tla lokela ho nka o mong oa moea+ oa ka o ho uena ke o behe ho bona, ’me ba tla lokela ho u thusa ho jara mojaro oa sechaba e le hore u se ke ua o jara u le mong.+
3 Kahoo, barab’abo rōna, ipatleleng+ banna ba supileng ba pakiloeng har’a lōna, ba tletseng moea le bohlale,+ e le hore re ka ba beha hore ba okamele mosebetsi ona o hlokahalang;
2 Ka hona molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng,+ monna oa mosali a le mong, ea itekanetseng mekhoeng, ea hlaphohetsoeng kelellong,+ ea hlophisehileng,+ ea amohelang baeti,+ ea tšoanelehelang ho ruta,+
9 ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta,+ e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle+ hammoho le ho khalemela+ ba hanyetsang.