26“‘Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela,+ ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng+ kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo+ naheng ea lōna hore le le inamele;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna.
16 e le hore le se ke la etsa ka mokhoa o senyang+ ’me ruri la iketsetsa setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali,+
8 “‘U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng,+ sebōpeho+ leha e le sefe se kang ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.
29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+
4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+