25 Le lokela ho chesa litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea tsona mollong.+ U se ke ua lakatsa silevera le khauta e ho tsona,+ kapa hona ho inkela eona,+ esere ua tšoasoa+ ke eona; etsoe ke ntho e manyala+ ho Jehova Molimo oa hao.
26 U se ke ua tlisa ntho e manyala ka tlung ea hao eaba u fetoha ntho e nehetsoeng timetso joaloka eona. U e nyonye ka ho phethahetseng ’me u e hloee ka ho feletseng, hobane ke ntho e nehetsoeng timetso.+
17 Motse o tla fetoha ntho e nehetsoeng timetso;+ oona hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho oona ke oa Jehova. Ke Rahaba+ oa letekatse feela ea ka lulang a phela, eena le bohle ba nang le eena ka tlung, kahobane o ile a pata manģosa ao re ileng ra a romela.+
7Bara ba Iseraele ba etsa ketso ea ho se tšepahale mabapi le ntho e nehetsoeng timetso ka hore Akane+ mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera, oa moloko oa Juda, a nke ho hong nthong e nehetsoeng timetso.+ Eaba bohale ba Jehova bo tukela bara ba Iseraele.+
3 Joale e-ea, ’me u hlasele Baamaleke+ le ho ba nehela timetso+ le tsohle tseo ba nang le tsona, ’me u se ke ua ba qenehela, u ba bolaee,+ monna hammoho le mosali, ngoana hammoho le ea anyang,+ poho hammoho le nku, kamele hammoho le esele.’”+