40 Ka sebele ba tla bolela liphoso+ tsa bona le liphoso tsa bo-ntat’a bona ho se tšepahaleng ha bona ha ba itšoere ka ho se tšepahale ho ’na, e, esita le ha ba nkhanyelitse.+
7 A bolele+ libe tseo a li entseng, ’me a khutlise se lekanang le molato oa hae se feletse, hape a se eketse ka karolo ea bohlano,+ ’me a se fe eo a mo foselitseng.
19 Joale Joshua a re ho Akane: “Mora oa ka, ka kōpo, isa thoriso ho Jehova Molimo oa Iseraele+ ’me u ipolele ho eena,+ ’me ka kōpo u mpolelle,+ U entse’ng? U se ke ua mpatela+ hona.”