22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim ’a sekoahelo,+ pakeng tsa likerubime tse peli tse holim ’a areka ea bopaki.+
42 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla+ melokong eohle ea lōna monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, moo ke tla itlhahisa ho lōna ho bua le lōna teng.+
36 U tule o mong oa oona hore e be phofo e thumisehileng ’me u behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki tenteng ea pokano,+ moo ke tla itlhahisa ho uena teng.+ E tla ba o halalelang ka ho fetisisa ho lōna.
2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang+ ka har’a lesira,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Areka, hore a se ke a shoa;+ hobane ke tla hlaha holim ’a sekoahelo+ ka leru.+