10 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Ha qetellong le kena naheng eo ke le fang eona, ’me le kotutse lijalo ho eona, le boele le tlise ngata ea litholoana tsa pele+ tsa kotulo ea lōna ho moprista.
12 “Oli eohle e ntlehali le veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le lijo-thollo, litholoana tsa bona tsa pele, tseo ba tla li fa Jehova, ke u file tsona.+
35 le ho tlisa litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa naha ea rōna+ le litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa litholoana tsohle tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, selemo le selemo, ntlong ea Jehova;