LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Le li boloke ’me le li phethe, hobane sena ke bohlale+ ho lōna le kutloisiso+ ho lōna ka pel’a mahlo a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ea tsamaiso, ’me ka sebele li tla re, ‘Sechaba sena se seholo ntle ho pelaelo ke batho ba bohlale le ba utloisisang.’+

  • Deuteronoma 8:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo;+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona, joaloka letsatsing lena.+

  • Joshua 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “U mpe u be sebete ’me u be matla haholo ho hlokomela ho etsa ka molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona.+ U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali,+ e le hore u ka etsa ka bohlale hohle moo u eang teng.+

  • 1 Marena 2:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U boloke tlamo ho Jehova Molimo oa hao ka ho tsamaea litseleng tsa hae,+ ka ho boloka litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng, litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le bopaki ba hae, ho ea ka se ngotsoeng molaong oa Moshe,+ e le hore u ka etsa ka bohlale nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang le hohle moo u retelehelang teng;

  • Pesaleme 103:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Empa mosa o lerato oa Jehova o teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang+

      Ho ba mo tšabang,+

      Le ho loka ha hae ho bara ba bara,+

  • Pesaleme 103:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ho ba bolokang selekane sa hae+

      Le ho ba hopolang litaelo tsa hae e le hore ba ka li phetha.+

  • Luka 11:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Empa a re: “Che, ho e-na le hoo, Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share