LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Joshua 14:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale bara ba Juda ba atamela Joshua Gilgale,+ ’me Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize+ a re ho eena: “U tseba hantle lentsoe leo Jehova a le boleletseng+ Moshe monna oa Molimo oa ’nete+ mabapi le ’na le mabapi le uena Kadeshe-barnea.+

  • Pesaleme 90:sehloohwana-17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Thapelo ea Moshe, monna oa Molimo oa ’nete.+

      90 Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele+

      Molokong o mong ka mor’a o mong.+

       2 Pele lithaba li tsoaloa,

      Kapa u qala ho hlahisa lefatše+ le naha e behang joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi,+

      Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.+

       3 U khutlisetsa motho ea shoang nthong e silakantsoeng,+

      U re: “Khutlang, lōna bara ba batho.”+

       4 Etsoe lilemo tse sekete mahlong a hao li feela joaloka letsatsi la maobane ha le fetile,+

      Le joaloka tebelo ea bosiu.+

       5 U ba felisitse;+ ba fetoha boroko feela;+

      Hoseng ba joalo feela ka joang bo botala bo fetohang.+

       6 Hoseng bo hlahisa lithunthung ’me bo tla fetoha;+

      Ka shoalane boa pona ’me ka sebele boa omella.+

       7 Etsoe re felile ka bohale ba hao,+

      Re ferekantsoe ke khalefo ea hao.

       8 U behile liphoso tsa rōna ka pel’a hao,+

      Lintho tsa rōna tse patiloeng u li behile ka pel’a sefahleho sa hao se khanyang.+

       9 Etsoe matsatsi ’ohle a rōna a fokotsehile khalefong ea hao;+

      Re qetile lilemo tsa rōna feela joaloka mohoeshetso.+

      10 Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng;+

      Haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli,+

      Empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi;+

      Etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.+

      11 Ke mang ea tsebang matla a bohale ba hao+

      Le khalefo ea hao ho ea ka tšabo ea hao?+

      12 Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona+

      Re ka fumanang pelo e bohlale.+

      13 Khutla, Jehova!+ E tla ba halelele hakae?+

      U ikutloe u soabile ka lebaka la bahlanka ba hao.+

      14 Re khotsofatse hoseng ka mosa oa hao o lerato,+

      E le hore re ka hoeletsa ka thabo ’me ra nyakalla matsatsing ’ohle a rōna.+

      15 Re thabise ka ho lekanang le matsatsi ao u re hlorisitseng ka ’ona,+

      Lilemo tseo re boneng tlokotsi ka tsona.+

      16 E se eka mosebetsi oa hao o ka bonahala ho bahlanka ba hao+

      Le bokhabane ba hao bo bonahale ho bara ba bona.+

      17 Thabo ea Jehova Molimo oa rōna e ke e be holim’a rōna,+

      U tiise mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata holim’a rōna.+

      E, mosebetsi oa matsoho a rōna, u o tiise ka thata.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share