LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 23:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Ka letsatsi la pele le inkele litholoana tsa lifate tse ntle haholo, makhasi a lifate tsa palema+ le makala a lifate tse nang le makala le lipopoliri tsa liphula tsa melapo e phoroselang, ’me le thabe+ ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi a supileng.

  • Deuteronoma 12:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo+ oa lōna, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna le makhoba a lōna le makhabunyane a lōna le Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, hobane ha a na karolo kapa lefa hammoho le lōna.+

  • Deuteronoma 26:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 U thabe+ ka lebaka la sohle se molemo seo Jehova Molimo oa hao a se fileng uena le ba ntlo ea hao, uena le Molevi le mojaki ea har’a lōna.+

  • Nehemia 8:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 A tsoela pele ho re ho bona: “Tsamaeang, le je lintho tse nonneng ’me le noe lintho tse monate, hape le romele likabelo+ ho eo ho seng letho le lokisitsoeng bakeng sa hae; etsoe letsatsi lena lea halalela ho Morena oa rōna, ’me le se ke la utloa bohloko, etsoe thabo ea Jehova ke qhobosheane ea lōna.”

  • Nehemia 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo phutheho eohle ea ba neng ba khutlile kholehong ea etsa maphephe ’me ea lula maphepheng; etsoe bara ba Iseraele ba ne ba sa ka ba etsa ka tsela eo ho tloha matsatsing a Joshua mora oa Nune+ ho fihlela letsatsing leo, hoo ho ileng ha e-ba le ho thaba ho hoholo.+

  • Moeklesia 5:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Bonang! Ntho e molemo ka ho fetisisa eo ke e boneng, e ntle, ke hore motho a je a noe ’me a bone se molemo bakeng sa mosebetsi oa hae oohle o boima+ oo ka oona a sebetsang ka thata tlas’a letsatsi ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae boo Molimo oa ’nete a mo fileng bona, etsoe seo ke kabelo ea hae.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share