LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 18:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “‘U se ke ua lumella hore ngoana leha e le ofe oa hao a neheloe+ ho Moloke.+ U se ke ua hlompholla+ lebitso la Molimo oa hao ka tsela eo. Ke ’na Jehova.+

  • Deuteronoma 12:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 U se ke ua etsa ka tsela eo ho Jehova Molimo oa hao,+ etsoe li etselitse melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e manyala ho Jehova eo a e hloileng, etsoe esita le bara ba tsona le barali ba tsona kamehla li ba chesetsa melimo ea tsona mollong.+

  • 2 Marena 16:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A qala ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ esita le mora oa hae a mo fetisa mollong,+ ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a li lelekileng ka lebaka la bara ba Iseraele.

  • Pesaleme 106:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Ba ne ba hlabela bademona bara ba bona+

      Le barali ba bona.+

  • Jeremia 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba chese bara ba bona mollong e le linyehelo tse feletseng tsa secheso tse eang ho Baale,+ ntho eo ke neng ke sa e laela kapa ka bua ka eona,+ le e sa kang ea hlaha pelong ea ka.”’+

  • Jeremia 32:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ho feta moo, ba haha libaka tse phahameng tsa Baale+ tse phuleng ea mora oa Hinome,+ e le hore ba fetise bara ba bona le barali ba bona mollong+ ho Moloke,+ e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela eona,+ leha e le hore ho ile ha hlaha pelong ea ka ho etsa ntho ena e manyala,+ ka morero oa ho etsa hore Juda e etse sebe.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share