LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 26:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ka sebele le tla lelekisa lira tsa lōna,+ ’me li tla oa ka pel’a lōna ka sabole.

  • Deuteronoma 4:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Le mpe le itebele ’me le hlokomele meea ea lōna haholo, e le hore le se ke la lebala lintho tseo mahlo a lōna a li boneng le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lōna ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna;+ ’me le li tsebise bara ba lōna le litloholo tsa lōna,+

  • Joshua 10:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eitse ha ba ntse ba baleha ka pel’a Baiseraele ’me ba le motheōng oa Bethe-horone, Jehova a lahlela holim ’a bona majoe a maholo+ a tsoang maholimong ho ea fihla Azeka, hoo ba ileng ba shoa. Ho ile ha e-ba le ba bangata ba shoeleng ka lebaka la majoe a sefako ho feta bao bara ba Iseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole.

  • Joshua 10:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Tumellanong le hoo letsatsi la se ke la sisinyeha, le khoeli ea se ke ea sisinyeha, ho fihlela sechaba se ka iphetetsa ho lira tsa sona.+ Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la se ke la sisinyeha bohareng ba maholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang motšehare oohle.+

  • Joshua 10:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Joshua a loantša naha eohle ea sebaka se lithaba+ le Negebe+ le Shefela+ le matsoapo+ le marena ’ohle a tsona. Ha aa ka a siea mophonyohi, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang+ a e nehela timetso,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.+

  • Joshua 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ho tloha Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire,+ le ho ea fihla Baale-gade+ thoteng ea Lebanone botlaaseng ba Thaba ea Hermone,+ ’me a hapa marena ’ohle a eona eaba o qala ho a hlasela le ho a bolaea.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share