55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+
16 Le timetse lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lōna a le fang tsona.+ Mahlo a lōna a se ke a li utloela bohloko;+ ’me le se ke la sebeletsa melimo ea tsona,+ hobane seo e tla ba leraba ho lōna.+