17 Ke tla le tjamela, ’me ka sebele le tla hlōloa ka pel’a lira+ tsa lōna; ba le hloileng ba tla le hatakela,+ ’me le tla baleha ho se ea le lelekisang.+
25 Jehova o tla etsa hore u hlōloe ka pel’a lira tsa hao.+ U tla li futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa u tla li baleha ka litsela tse supileng; u tla fetoha ntho e tšosang ho mebuso eohle ea lefatše.+
17 Ba sekete ba tla thothomela ka lebaka la khalemelo e matla ea a le mong;+ ka lebaka la khalemelo e matla ea ba bahlano le tla baleha ho fihlela le setse joaloka palo tlhōrōng ea thaba le joaloka pontšo leralleng.+
2 Che, empa liphoso tsa lōna ke lintho tse bakang karohano pakeng tsa lōna le Molimo+ oa lōna, ’me libe tsa lōna li entse hore a le patele sefahleho hore a se ke a utloa.+